Biblia Todo Logo
La Biblia Online

- Anuncios -




1 Timothea 1:13 - BIBELE

13 leha pele ke ne ke le monyefodi, le mohlorisi, le moikakasi. Empa ke ile ka hauhelwa, kaha tsena ke di entse ke sa tsebe, ke eso be le tumelo.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

13 nna, eo ke neng ke le monyefodi pele, le mohlorisi, le morori; empa ke rekolohetswe, hobane ke ne ke etsa tseo ke ho se tsebe, ke sa le ho se dumeleng.

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

13 Ke ne ke le monyefodi, le mohlorisi, le monyefodi pele;

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

13 Ke ne ke le monyefodi, le mohlorisi, le monyefodi pele;

Ver Capítulo Copiar




1 Timothea 1:13
25 Referencias Cruzadas  

Ke tla mo jakisa naheng ena, ke hauhele ya neng a bitswa Mohanuwa; ho bao e neng e se setjhaba sa ka ke tla re: ‘Le setjhaba sa ka,’ bona ba re: ‘O Modimo wa ka.’ ”


Empa haeba sebebe se fetoha, se sweufala hape, motho eo a ye ho moprista hape.


“ ‘Empa motho ya tlolang molao ka boomo, e ka ba letswallwa la naha kapa mojaki, eo o nyefola Morena, mme o tla kgaolwa setjhabeng sa habo.


“Empa mohlanka eo ya tsebileng thato ya monga hae, yaba ha a lokise leha e le ho etsa ho ya ka thato eo, o tla shapuwa haholo;


Jesu a re: “Ntate, ba tshwarele, hobane ha ba tsebe seo ba se etsang.” Jwale ba arolelana diaparo tsa hae ka lotho.


Ka ikakgela ka setotswana ho hlorisa balatedi ba Tsela ena ya Morena, ka tlama banna le basadi, ka ba isa tjhankaneng.


“Jwale, bana beso, ke a tseba hore lona, jwaloka babusi ba lona, le entse hona ka baka la ho hloka tsebo.


Empa Saule yena a ripitla kereke, a kena ka tlung e nngwe le e nngwe, a hulanya banna le basadi, a ba hlahlela tjhankaneng.


Saule, a sa ntse a pipitlellane ke moya wa ho sokela le wa ho bolaya barutuwa ba Morena, a ya ho Moprista e Moholo.


Ananiase a araba, a re: “Morena, ke utlwile ka ba bangata kamoo monna eo a entseng tse ngata, tse mpe, ho badumedi ba hao ba Jerusalema,


A botsa, a re: “O mang, Morena?” Lentswe la re: “Ke nna Jesu, eo o mo hlorisang,


Ho baapostola ke nna e monyenyane, ho bile ho a roneha hore ke bitswe moapostola, hobane ke ile ka hlorisa kereke ya Modimo.


Tabeng ya barwetsana, ha ke na taelo ya Morena, ke mpa ke fana ka keletso, ke le ya tshepahalang ka mohau wa Morena.


Efela le utlwile tsa metsamao ya ka ya mehleng e fetileng, ke sa le wa tumelo ya Sejuda, le kamoo ke nnileng ka hlorisa Kereke ya Modimo hampe kateng, ke leka ho e fedisa.


ka nqeng ya tjheseho ke ne ke le mohlorisi wa kereke; ka nqeng ya ho loka ho tswang Molaong, ha ke nyatsehe.


Empa ha e le mona ke hauhetswe, e ne e le hore Kreste Jesu a bonahatse ka nna mamello e tletseng ya hae, ke tle ke be mohlala ho bohle ba tlang ho dumela ho yena, e le hore ba fumane bophelo bo sa feleng.


Ka baka leo, a re atameleng ka sebete teroneng ya mohau, re tle re amohele lereko, re fumane le mohau ho re thusa ha re hloka thuso.


Pele le ne le se setjhaba, empa jwale le setjhaba sa Modimo; le ne le sa hauhelwa, empa jwale le hauhetswe.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos