Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Eksoda 32:8 - Sesotho 1909/1961 (SO)

8 Ba se ba kgelohile tsela eo ke neng ke ba laetse yona. Ba iketseditse namane e tsholotsweng, ba kgumamile pela yona, ba bile ba e hlabetse mahlabelo, ba itse: Oho Iseraele, modimo wa hao ke oo, o o ntshitseng fatsheng la Egepeta!

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

8 Se se se kgelohile kapele tseleng eo ke se laetseng yona. Se ipopetse namane ya kgauta, mme se e kgumametse, sa ba sa e etsetsa mahlabelo, sa re: ‘Ona ke wona modimo wa hao, wena Iseraele, o o nyolotseng naheng ya Egepeta!’ ”

Ver Capítulo Copiar




Eksoda 32:8
18 Referencias Cruzadas  

Morena a imamela jwalo, a ntoo etsa manamane a mabedi a kgauta a re ho setjhaba: Le ile halelele Jerusalema; Baiseraele, medimo ya lona ke ena, e le nyolotseng naheng ya Egepeta.


Eitse le mohla ba neng ba iketseditse namane e tsholotsweng, ba re: Ke wona Modimo wa lona o le nyolotseng Egepeta; leha ba kile ba o phephetsa hakalo,


Ba iketsetsa namane Horebe, ba kgumamela setshwantsho se tsholotsweng,


Empa melomo ya bona ya nna ya o thetsa, maleme a bona a bua leshano ho wona,


Le se ka la iketsetsa medimo ya silefera, kapa medimo ya kgauta ho e bapisa le nna; le se ke la iketsetsa yona.


Ya hlabelang medimo esele mahlabelo, kantle ho Jehova a nnotshi, a neelwe anathema.


Yena a a amohela matsohong a bona, a seta kgauta ka moseto, mme a etsa namane e tsholotsweng. Ba re: Oho Iseraele, modimo wa hao ke oo, o o ntshitseng fatsheng la Egepeta!


o se ke wa etsa selekane le baahi ba fatshe leo, esere, ha o feba le medimo ya bona, mme o hlabela medimo ya bona, ba o biletsa ho tla ja nama tsa mahlabelo a bona,


Ba ntsha kgauta mekotleng ya bona, ba lekanya silefera ka sekala, ba ipatlela setei, ba se putsa hore ka tseo se ba etsetse modimo, ba tle ba kgumame pela wona, ba o rapele.


e seng jwaloka selekane seo ke se entseng le bontata bona moholo, mohla ke ba tshwarang ka letsoho ho ba ntsha lefatsheng la Egepeta, e leng ba kileng ba roba selekane sa ka; athe e ne e le nna monga bona, ho bolela Jehova.


Ba se ke ba hlola ba hlabela diphooko tseo ba di latelang bootsweng ba tsona. Ke oo molao o sa feleng oo ba tlang ho ya ka wona melokong yohle ya bona.


Ba hlabetse bademona, bao e seng Modimo, le medimo eo ba neng ba sa e tsebe, medimo e metjha, e tswang ho hlaha, eo bontata lona ba sa kang ba e tshaba.


mme Jehova a re ho nna: Ema, o phakise ho theoha; hobane setjhaba sa hao, seo o se ntshitseng Egepeta, se itshentse; ba phakisitse ho fapoha tsela eo ke neng ke ba laetse ho tsamaya ka yona; ba iketseditse setshwantsho se tsholotsweng.


Ka tadima, ka bona hobane le ne le sitetswe Jehova, Modimo wa lona, le iketseditse namane e tsholotsweng; le ne le fapohile kapele tsela eo Jehova a neng a le laetse yona.


Ba tla ho bana ba Rubene, le ho bana ba Gade, le ho ba mothapo o mong wa leloko la Manasse, naheng ya Gileade, ba ba bolella, ba re:


Le teng, ba se ke ba mamela baahlodi ba bona, ba nna ba ineela medimo esele, ba e kgumamela; ba phakisa ba kgeloha tsela eo bontata bona ba neng ba tsamaile ka yona, ha ba ntse ba mamela ditaelo tsa Jehova; empa bona ba se ke ba etsa jwalo.


Gideone a boela a re ho bona: Ke kopa ntho e le nngwe ho lona, ke re: Nneeng e mong le e mong mefitshana eo le e hapileng. Hobane Bamidiane ba ne ba na le mefitsana ya kgauta, etswe e ne e le Baishmaele.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos