Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Eksoda 32:9 - Sesotho 1909/1961 (SO)

9 Jehova a boela a re ho Moshe: Ke se bone setjhaba seno, mme ke re, ke setjhaba se melala e sataletseng.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

9 Morena a boela a re ho Moshe: “Setjhaba sena ke se bone; ke setjhaba se manganga.

Ver Capítulo Copiar




Eksoda 32:9
19 Referencias Cruzadas  

Leha ho le jwalo, ha ba ka ba utlwa; ba sataladitse melala ya bona, jwaloka bontata bona ba sa kang ba dumela ho Jehova, Modimo wa bona.


Jwale, le se ke la hlola le satalatsa melala ya lona, jwaloka bontata lona; le mpe le tshwarane matsoho le Jehova, mme le tle sehalalelong sa hae seo a se halaleditseng ka ho sa feleng; mme le sebeletse Jehova, Modimo wa lona, hore bohale ba kgalefo ya hae bo le kgelohe.


Empa bontata rona ba ikgohomosa; ba satalatsa melala ya bona, mme ha ba ka ba utlwa ditaelo tsa hao;


ba hana ho utlwa, mme ha ba ka ba elellwa dimakatso tsa hao tseo o ba etseditseng tsona; ba mpa ba satalatsa melala ya bona, mme boikgantshong ba bona, ba ipeela morena, ba tle ba kgutlele kgolehong ya bona. Empa wena, o Modimo o tletseng tshwarelo le mohau le lereko, o diehang ho halefa, o tletseng kgauhelo; ke kahoo o sa kang wa ba furalla.


ba se ke ba etsisa bontata bona, bao e bileng moloko o ikgantshang, o hanyetsang, moloko o sa kang wa tsamaya ka pelo e tiileng, oo moya wa wona o sa kang wa tshepeha ho Modimo.


ke lefatshe le kollang lebese le dinotshi. Hobane nna, nke ke ka nyoloha le wena, hobane o setjhaba se melala e sataletseng, esere mohlomong ka o timetsa tseleng.


Hobane Jehova o ne a itse ho Moshe: E re ho bana ba Iseraele: Le setjhaba se melala e sataletseng; hoja nka tsamaya ho se hokae le wena, ke be nka o timetsa; jwale, rola dikgabiso tsa hao, ke tle ke tsebe hore na ke tla o etsa jwang.


a re: Morena, ha ke fela ke bone mohau ho wena, Morena a ke a tsamaye hle le rona. Ho jwalo ruri, ke setjhaba se melala e sataletseng; o mpe o re tshwarele makgopo a rona le dibe tsa rona, mme o re nke, re be lefa la hao.


Motho ya ntseng a kgalemelwa hangata, mme a itshatalatsa molala, o tla robeha hanghang, ho se le sehlare.


Kahobane ke tsebile hoba o thata, le hobane molala wa hao o jwaloka tshepe, le hobane o na le phatla ya koporo;


Bofebe ba hao le ditakatso tsa hao tse dumang, bootswa bo tlodisang ba hao ke bo bone dithabeng le dithoteng; ke bone manyala a hao! Jo! wena Jerusalema, ha o ka ke wa ntlafala ho isa ho le hokae!


Tlung ya Iseraele ke bone manyala; teng ho feba Efraime! Iseraele o a itshilafatsa!


Jehova a re ho Moshe: Na setjhaba sena se tla nnyedisa ho isa neng na? Na se tla hana ho isa neng ho dumela ho nna, se sa re letho ka mehlolo yohle eo ke e entseng hara sona na?


Lona ba melala e thata, ba sa bollang dipelo le ditsebe, le hanela Moya o Halalelang kamehla; le tshwana le bontata lona.


Ha ho le jwalo, bolotsang dipelo tsa lona, mme le se ke la hlola le satalatsa melala ya lona.


Hobane ke tseba boikgantsho ba hao le molala wa hao o thata. Bonang, ha esita ke sa ntsane ke phela le lona kajeno, le nnile la ikgantshetsa Jehova, le tla ikgantsha haholo hakakang, ha ke se ke shwele!


Hape, Jehova a mpolella a re: Ke tadimile setjhaba sena, mme bona, ke setjhaba se molala o thata.


Tseba hobane hase ka baka la ho loka ha hao, Jehova, Modimo wa hao, a o neang lefatshe leo ho le rua; hobane o setjhaba se molala o thata.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos