Eksoda 32:9 - BIBELE9 Morena a boela a re ho Moshe: “Setjhaba sena ke se bone; ke setjhaba se manganga. Ver CapítuloSesotho 1909/1961 (SO)9 Jehova a boela a re ho Moshe: Ke se bone setjhaba seno, mme ke re, ke setjhaba se melala e sataletseng. Ver Capítulo |
Ba hana ho mamela, ba lebala ketso tsa hao, dimakatso tsa hao, tse entsweng hara bona; ba se ke ba di natsa, ba ba manganga, ba o fetohela, ba ikgethela moetapele, hore a ba busetse bokgobeng ba bona. Empa o Modimo ya tshwarelang kamehla, o lereko, o mohau, o dieha ho halefa, o bile o lerato, mme ha o a ka wa ba furalla.