Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Eksoda 32:7 - Sesotho 1909/1961 (SO)

7 Yaba Jehova o re ho Moshe: Ema, o theohe, hobane tjhaba sa hao, seo o se nyolotseng fatsheng la Egepeta, se itshentse.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

7 Morena a bua ho Moshe, a re: “Theoha kapele, hobane setjhaba sa heno, seo o se nyolotseng naheng ya Egepeta, se se se silafetse.

Ver Capítulo Copiar




Eksoda 32:7
17 Referencias Cruzadas  

A etsa ho lokileng mahlong a Jehova, kahohle kamoo ho neng ho entse Osiase ntatae kateng; empa ha a ka a kena tempeleng ya Jehova; haele setjhaba, sona se ne se ntse se itshenya.


Empa melomo ya bona ya nna ya o thetsa, maleme a bona a bua leshano ho wona,


Yaba Jehova o re ho yena: Tsamaya, o theohe, le ntano nyoloha, wena le Aarone, empa baprista le setjhaba ba se ke ba phunyelletsa ho tla nyolohela ho Jehova, esere a tshoha a ba bolaya.


Setjhaba eitse ha se bona hoba Moshe o diehile ho theoha thabeng, setjhaba sa bokanela Aarone, sa re ho yena: Ema, o re etsetse modimo o re etellang pele; hobane haele Moshe eno, monna ya re ntshitseng fatsheng la Egepeta, ha re tsebe se mo hlahetseng.


Moshe a nolofatsa Jehova, Modimo wa hae, a re: Oho Jehova, na bohale ba hao bo ya tukellang setjhaba sa hao seo o se ntshitseng fatsheng la Egepeta ka matla a maholo le ka letsoho le matla?


Yena a a amohela matsohong a bona, a seta kgauta ka moseto, mme a etsa namane e tsholotsweng. Ba re: Oho Iseraele, modimo wa hao ke oo, o o ntshitseng fatsheng la Egepeta!


Yaba Jehova o re ho Moshe: Tloha le setjhaba seo o se ntshitseng fatsheng la Egepeta, le ye fatsheng leo ke le hlapanyeditseng Abrahama, le Isaaka, le Jakobo, ka re: Ke tla le nea ditloholo tsa hao.


Jo! Setjhaba sa badibe, mofuta o ipelesitseng makgopo, lesika le bolotsana, bana ba bodileng! Ba furaletse Jehova, ba nyefotse Mohalaledi wa Iseraele, ba kgutletse morao.


Veke di mashome a supileng tse badilweng hodima setjhaba sa heno, le hodima motse wa heno o halalelang, ho kwalla bobe, le ho fedisa sebe, le ho phekola bokgopo, le ho hlahisa ho loka ho sa feleng, le ho tiisa pono le boporofeta, le ho tlotsa sehalaledisiso.


Ba itshentse hampempe jwaloka mohla Gibea. Modimo o tla hopola makgopo a bona, o kgalemele dibe tsa bona.


Hobane ke a tseba hoba ha ke se ke shwele le tla itshenya ruri; mme le tla fapoha tsela eo ke le laetseng yona; mme mehleng ya morao, le tla hlahelwa ke tlokotsi, kahobane le tla etsa ho leng hobe pela Jehova, mme le tla mo phephetsa ka mesebetsi ya matsoho a lona.


Ba itshentse pela wona; ke bana ba ditshila; ke mofuta o kgelohileng, o nang le mano.


esere la itshenya, mme la iketsetsa setshwantsho se betlilweng, e leng setshwantsho sa ntho e nngwe, leha e le setshwantsho sa monna, kapa sa mosadi,


mme Jehova a re ho nna: Ema, o phakise ho theoha; hobane setjhaba sa hao, seo o se ntshitseng Egepeta, se itshentse; ba phakisitse ho fapoha tsela eo ke neng ke ba laetse ho tsamaya ka yona; ba iketseditse setshwantsho se tsholotsweng.


Esita le Horebe, le phepheditse Jehova; Jehova a le halefela, a ba a hopola ho le timetsa.


Enere moahlodi eo ha a timetse, ba ne ba boela ba itshenya le ho feta bontata bona, ka ho latela medimo esele hore ba e sebeletse le ho inama pela yona, ba sa lahle letho la mesebetsi ya bona le la metsamao ya bona e thata.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos