Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Luka 22:32 - Sesotho 1909/1961 (SO)

32 empa nna ke o rapeletse hore tumelo ya hao e tle e se ke ya fela. Jwale, wena, etlere hobane o bake, o tiise banabeno.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

32 empa ke o rapeletse hore o se ke wa fellwa ke tumelo. Jwale wena, ha o se o bakile, o matlafatse bana beno.”

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

32 Empa ke o rapetse, hore tumelo ya hao e se ke ya fela, mme ha o sokolohile, o matlafatse banabeno.

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

32 Empa ke o rapetse, hore tumelo ya hao e se ke ya fela, mme ha o sokolohile, o matlafatse banabeno.

Ver Capítulo Copiar




Luka 22:32
33 Referencias Cruzadas  

a re: Kannete ke re ho lona: Ha le sa fetohe, la ba jwaloka bana, ha le ka ke la kena mmusong wa mahodimo.


Yaba Petrose o elellwa se boletsweng ke Jesu, kamoo a neng a itse ho yena kateng: Mokoko ha o eso ho lle, o tla be o se o ntatotse hararo. Yaba o tswela ntle, a lla habohloko.


Yaba mokoko o lla la bobedi. Jwale Petrose a elellwa seo Jesu a neng a mmoleletse sona, kamoo a neng a itse kateng: Mokoko ha o eso ho lle habedi, o tla be o se o ntatotse hararo. Mme a qala ho lla.


Le mpe le ye, le bolelle barutuwa ba hae le Petrose, hore o ya le etella pele ho ya Galelea; ke moo le tla mmona teng, jwalokaha a kile a le bolella.


Ba majweng, ke bao e reng ha ba utlwile, ba amohele lentswe ka thabo; empa bao ha ba na metso, ke ba dumelang ka mehla e seng mekae; mme ere mohla moleko, ba kwenehe.


Ho se ho se hokae, mme lefatshe ha le sa tla mpona; empa lona le tla mpona; erekaha nna ke phela, le lona le tla phela.


Bakang ke hona, mme le sokolohe, dibe tsa lona di tle di hlakolwe,


Wona o sa kang wa qenehela Mora wa wona wa sebele, wa mpa wa mo tella rona bohle, na o ke ke wa re sitsa ka dintho tsohle le yena na?


Ya tla ba tswa ke mang? Kreste ke yena ya shweleng, a bileng a tsoha, hape ke yena ya leng ka letsohong le letona la Modimo, hapehape e sa le yena ya re rapellang.


ba kgelohileng nnete, ka ho re, tsoho ya bafu e setse e etsahetse, mme ba diha tumelo ya ba bang.


Nna, Pauluse, mohlanka wa Modimo le moapostola wa Jesu Kreste, ho isa bakgethwa ba Modimo tumelong le tsebong ya nnete e leng ka borapedi,


Iponeleng, hore e mong a se ke a haellwa ke mohau wa Modimo, monoko o mahloko o se ke wa le hlahela, wa tla wa le ferekanya, mme ba bangata ba senyeha ke wona.


Ke ka baka leo a ka tsebang ho pholosa ka ho fetisisa ba atamelang Modimo ka yena, kahobane o ntse a phela kamehla ho ba rapella.


Ke le Petrose, moapostola wa Jesu Kreste, ke ngolla bakgethwa ba jakileng, ba hasaneng mafatsheng a Ponto, a Galatia, a Kapadosia, a Asia, le a Bithinia;


Jwale he lona, itlameng matheka a dikelello tsa lona, le phele ka boitshwaro, le lete ka tshepo e tiyang mohau oo le tla o tlisetswa mohla Jesu Kreste a hlahang.


lona ba bolokwang ke matla a Modimo ka tumelo, le tle le amohele poloko e seng e lokiseditswe ho bonahatswa nakong ya qetello.


Ka baka leo, baratuwa, erekaha le lebeletse tse jwalo, itiiseng hore le tle le fihlelwe ke yena le ena le kgotso, le se na letheba le sekodi.


Ba tswile ho rona, empa e ne e se ba rona; hobane hoja e be e le ba rona, ba ka be ba setse ho rona; empa hoo ho hlahile hore ho tle ho bonahale hobane bohle hase ba rona.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos