Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




BaHebheru 5:2 - BIBELE

2 Erekaha le yena a imetswe ke mefokolo e mengata, a ka ba le hona ho qenehela ba sa tsebeng le ba kgelohileng.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

2 mme o na le matla a ho hauhela ba sitilweng ke ho se tsebe le ke ho timellwa, kahobane le yena o dikilwe ke mefokolo.

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

2 Ke mang ya ka hauhelang ba sa tsebeng le ho ba kgelohileng; hobane le yena o potapotilwe ke mefokolo.

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

2 Ke mang ya ka hauhelang ba sa tsebeng le ho ba kgelohileng; hobane le yena o potapotilwe ke mefokolo.

Ver Capítulo Copiar




BaHebheru 5:2
24 Referencias Cruzadas  

Se se se kgelohile kapele tseleng eo ke se laetseng yona. Se ipopetse namane ya kgauta, mme se e kgumametse, sa ba sa e etsetsa mahlabelo, sa re: ‘Ona ke wona modimo wa hao, wena Iseraele, o o nyolotseng naheng ya Egepeta!’ ”


Bao meya ya bona e lahlehileng ba tla ba le kutlwisiso, ba neng ba belaela ba thabele ho fumana thuto.”


Suthang tseleng, le kgelohele kathoko, le kgaotse ho re bolella tsa Ya Halalelang wa Iseraele!”


empa ke o rapeletse hore o se ke wa fellwa ke tumelo. Jwale wena, ha o se o bakile, o matlafatse bana beno.”


Haeba ke tshwanela ho ithorisa, ke tla ithorisa ka bofokodi ba ka.


Ke tla ithorisa ka motho eo, empa nke ke ka ithorisa ka bonna, haese ka bofokodi ba ka.


Le tseba hore ho qaleng, ho kula ha ka ho ile ha mpha monyetla wa ho le bolella molaetsa o molemo.


Dikelello tsa bona di fifetse, ba fapohile bophelo ba Modimo, ka baka la bothoto ba bona, le ka baka la bothata ba dipelo tsa bona.


leha pele ke ne ke le monyefodi, le mohlorisi, le moikakasi. Empa ke ile ka hauhelwa, kaha tsena ke di entse ke sa tsebe, ke eso be le tumelo.


Tsamaisang maoto a lona ditseleng tse otlolohileng, e le hore leoto le hlotsang le tle le se ke la nonyetseha, le mpe le fole.


Kahoo o ne a tshwanetse ho etswa ya tshwanang le bana babo kahohle, hore e be Moprista e Moholo, ya lereko, ya tshepahalang ho Modimo dinthong tsohle, e le hore a lefelle dibe tsa setjhaba.


Kaha le yena a lekilwe ka ho hlokofatswa, o tseba ho thusa ba lekwang.


Moprista wa rona e Moholo hase ya ka sitwang ho re utlwela bohloko mefokolong ya rona, hobane ke ya ileng a lekwa ka ditsela tsohle jwaloka rona, empa a se ke a etsa sebe.


Molao wa Moshe o beile batho ba nang le mefokolo hore e be Baprista ba Baholo; athe mantswe a kano, a builweng kamorao ho Molao wa Moshe, a beile Mora ya phethehileng ka ho sa feleng.


Empa karolong ya bobedi ya Tente ho kena Moprista e Moholo feela, le teng hanngwe ka selemo. O kena a nkile madi ao a nyehelang ka wona ho Modimo ka baka la dibe tsa hae le tsa batho, tseo ba di entseng ka ho hloka tsebo.


Bana beso, ha e mong wa lona a fapohile nneteng, mme e mong a mo kgutlisitseng ho yona,


Le ne le lahlehile jwaloka dinku, empa jwale le kgutletse ho Modisa le Mookamedi wa meya ya lona.


Empa ha ba a ka ba mamela le baahlodi bao ba bona, hobane ba nnile ba kgeloha, ba latela medimo e meng, ba e kgumamela. Kapelepele ba kgeloha tsela eo bo-ntata bona ba neng ba tsamaya ho yona, ba hlompha molao wa Morena, empa bona ha ba a ka ba etsa jwalo.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos