Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Jakobo 5:19 - Sesotho 1909/1961 (SO)

19 Banabeso, ekare ha e mong ho lona a kgeloha nnete, mme e mong a mmusetsa ho yona,

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

19 Bana beso, ha e mong wa lona a fapohile nneteng, mme e mong a mo kgutlisitseng ho yona,

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

19 Banabeso, ekare ha e mong wa lona a kgeloha nneteng, mme e mong a mo sokolla;

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

19 Banabeso, ekare ha e mong wa lona a kgeloha nneteng, mme e mong a mo sokolla;

Ver Capítulo Copiar




Jakobo 5:19
21 Referencias Cruzadas  

O lahla bohle ba kgelohang dikomelo tsa hao, hobane ho thetsa ha bona ke lefeelafeela.


O laya baikakasi, e leng batho ba rohakilweng, ba fapohang ditaelo tsa hao.


Mora wa ka, lesa ho mamela dikgothatso, haele moo o ntse o kgeloha ditaba tsa bohlale.


Haele setjhaba sa ka, se hatakelwa ke bana, basadi ba se busa. A setjhaba sa ka! batsamaisi ba hao ba o kgelosa, ba senya tsela eo o tsamayang ka yona.


Ke tla batla e lahlehileng, ke late e kgelohileng, ke tlamelle e leqeba, ke natlafatse e kulang; empa ke tla timetsa e nonneng le e matla; ke tla di disa ka ho loka.


Dinku tse tepeletseng ha le di natlafatse; e kulang ha le e phekole; le e leqeba ha le e tlamelle; ha le late e kgelohileng, leha e le ho batla e lahlehileng; le mpa le di busa ka thata le ka sehlooho.


Ekare ha ngwaneno a o sitetswe, eya, o mo laye o ena le yena a nnotshi; ha a o mamela, etlaba o ruile ngwaneno.


empa nna ke o rapeletse hore tumelo ya hao e tle e se ke ya fela. Jwale, wena, etlere hobane o bake, o tiise banabeno.


Banabeso, ekare ha motho a wela molatong o mong, lona bao le leng ba moya, le ke le mo tsose ka moya o mosa; mme o iponele, esere wa lekwa le wena.


Hobane lerato la leruo ke motso wa dibe tsohle; ba bang ka ho le lakatsa ba kgelohile tumelo, mme ba itlhabile ka mahlomola a mangata.


eo ba bang, ka ho e dumela, ba kgelohileng tumelo ke hona. Mohau o be le wena! Amen!


ba kgelohileng nnete, ka ho re, tsoho ya bafu e setse e etsahetse, mme ba diha tumelo ya ba bang.


mme o na le matla a ho hauhela ba sitilweng ke ho se tsebe le ke ho timellwa, kahobane le yena o dikilwe ke mefokolo.


Le se ke la thetseha, banabeso ba ratwang.


Tsebang tsena, banabeso ba ratwang: Motho ka mong a ke a be mafolofolo ho utlwa, a diehe ho bua, a diehe le ho halefa;


Empa ha ekaba le ena le mona o bohloko le kgang ka dipelong tsa lona, le se ke la ithorisa, mme le se ke la etsa leshano, ka ho sitelwa nnete.


eo a ke a tsebe hobane ya kgutlisitseng moetsadibe kgelohong ya hae, o pholositse moya lefung, mme o apesitse dibe tse ngatangata.


Haele lona, baratuwa, ha le se le itsebetse tseo pele, itebeleng, le se tshohe le hulanngwa le ba bang ke thetso ya ba manyala bao, mme la timellwa ke ho tiya ha lona;


Ho madimabe bona, kahobane ba tsamaile ka tsela ya Kaine, mme ba kgelohile ke ho thetswa ke moputso jwaloka Balaame, mme ba timetse ka kganyetso e jwaloka ya Kore.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos