Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Jakobo 5:20 - Sesotho 1909/1961 (SO)

20 eo a ke a tsebe hobane ya kgutlisitseng moetsadibe kgelohong ya hae, o pholositse moya lefung, mme o apesitse dibe tse ngatangata.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

20 tsebang hore eo ya kgutlisitseng moetsadibe tseleng ya hae e fapohileng, o tla mo pholosa lefung, a be a etse hore dibe tse ngatangata di tshwarelwe.

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

20 A a tsebe hoba ya kgutlisang moetsadibe phosong ya tsela ya hae o tla pholosa moya lefung, mme o tla pata bongata ba dibe.

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

20 A a tsebe hoba ya kgutlisang moetsadibe phosong ya tsela ya hae o tla pholosa moya lefung, mme o tla pata bongata ba dibe.

Ver Capítulo Copiar




Jakobo 5:20
18 Referencias Cruzadas  

Ho lehlohonolo eo tshito ya hae e tshwaretsweng, eo sebe sa hae se apesitsweng!


Hloyo e hotetsa dikomang, empa lerato le apesa ditshito tsohle.


Maruo o fumanwang ka bokgopo ha a na moeno; empa ho loka ho qobisa lefu.


Tholwana tsa motho ya lokileng ke sefate sa bophelo; ya bohlale o hapa meya ya batho.


Maruo ha a thuse letho mohla letsatsi la bohale, empa ho loka ho lwela lefung.


Ya apesang molato o batla lerato; empa ya phunyang makunutu o fapanya batho ba ratanang.


Kannetenete ke re ho lona: Ya utlwang lentswe la ka, mme a dumela ya nthomileng, o na le bophelo bo sa feleng; ha a ka ke a tla kahlolong, empa o tlohile lefung ho kena bophelong.


mohlomong ke tle ke tsose ba nama ya ka ka mona, mme ke pholose ba bang ho bona.


Hobane ereka ha lefatshe le sa ka la tseba Modimo bohlaleng ba Modimo, ka bohlale ba lona, Modimo o ithatetse ho pholosa ba dumelang ka bohlanya ba polelo ya Evangeli.


ho ba fokolang, ke ikentse ya fokolang, ho rua ba fokolang; ke ikentse ntho tsohle ho bohle, hore ke mpe ke pholose ba bang.


O ke o itebele, o lebele le yona thuto; mme o tiye teng; hobane, ha o etsa jwalo, o tla ipholosa, o pholose le ba o utlwang.


Nna, Pauluse, ke ngodileng hona hoo ka letsoho la ka, ke tla o lefa, leha ke sa o bolelle hore o molato ho nna, wena, ka sebele sa hao.


Mme takatso hoba e emare, e tswala sebe; mme sebe ha se phethehile, se tswala lefu.


Ka baka leo, lahlang ditshila tsohle le tsohle tsa lonya, mme le amohele ka bonolo lentswe le hlomilweng ka ho lona, le tsebang ho boloka meya ya lona.


Mme thapelo e entsweng ka tumelo e tla pholosa mobabi, mme Morena o tla mo tsosa diphateng; mme ekare ha a entse dibe, o tla tshwarelwa tsona.


Banabeso, ekare ha e mong ho lona a kgeloha nnete, mme e mong a mmusetsa ho yona,


Haholoholo, le ratane ka phehello, hobane lerato le apesa dibe tse ngata.


Ho lehlohonolo, ho halaletse ba nang le kabelo tsohong ya pele; hobane lefu la bobedi ha le na matla hodima ba jwalo, empa e tla ba baprista ba Modimo le ba Kreste, mme ba tla busa le yena dilemo tse sekete.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos