Biblia Todo Logo
La Biblia Online

- Anuncios -




BaHebheru 12:13 - Sesotho 1909/1961 (SO)

13 mme le etsetse maoto a lona ditsela tse lokileng, hore se hlotsang se se ke sa nonyetsehela ruri, se mpe se fole.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

13 Tsamaisang maoto a lona ditseleng tse otlolohileng, e le hore leoto le hlotsang le tle le se ke la nonyetseha, le mpe le fole.

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

13 Le etseditse maoto a lona ditsela tse otlolohileng, hore se hlotsang se tle se se ke sa kgoptjwa; empa ho mpe ho fole.

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

13 Le etseditse maoto a lona ditsela tse otlolohileng, hore se hlotsang se tle se se ke sa kgoptjwa; empa ho mpe ho fole.

Ver Capítulo Copiar




BaHebheru 12:13
15 Referencias Cruzadas  

A le ke le feng matsoho a tepeletseng matla, le tiise mangole a tetemang.


Sehlotsa se tla tlola jwaloka kgama, leleme la semumu le tla bina, hobane metsi a tla kolla naheng e tshehla, melatswana e phalle mahalaopeng.


Ke tla tsamaisa difofu mmileng oo di sa o tsebeng, ke di ise ka ditsela tseo di sa di tsebeng; ke tla fetola lefifi lesedi pela tsona, le wona makukuno a fetohe lehwatata; ntho tseo ke tla di etsa, nke ke ka di tlohela.


Ditloholo tsa hao di tla tsosa masupi a boholoholo; o tla tsosa metheo ya kgale, mme o tla rewa motsosi wa dikgeo, le molokisi wa diterata tse ka ahuwang.


Leha ho le jwalo, setjhaba seo e leng sa ka se ntebetse, ba ile ho tjhesetsa ntho tsa lefeela dibano; ba kgelositswe tsela tsa kgale, le ho tsamaiswa mebileng esele, tseleng e sa katwang;


Diphula tsohle di katwe, dithaba tsohle le maralla wohle a kokobetswe; ho kgopamileng ho lokiswe; ditsela tse makukuno di latswe;


Empa eitse ha ke lemohile hobane ha ba hate ka ho loka nneteng ya Evangeli, ka re ho Petrose pontsheng ho bohle: Hleka wena, o leng Mojuda, ha o etsa ka mokgwa wa baditjhaba, e seng ka wa Bajuda, le phehellelang baditjhaba ho etsa ka Bojuda na?


Banabeso, ekare ha motho a wela molatong o mong, lona bao le leng ba moya, le ke le mo tsose ka moya o mosa; mme o iponele, esere wa lekwa le wena.


Bolellanang ditshito tsa lona, mme le rapellane, le tle le fole. Thapelo ya ya lokileng e na le matla a maholo ho sebetseng ha yona.


yena ya jereng dibe tsa rona mmeleng wa hae sefapanong, hore re shwe ka nqa ya dibe, re tle re phelele ho loka; eo le fodisitsweng ka matetetso a hae.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos