Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




BaHebheru 5:1 - Sesotho 1909/1961 (SO)

1 Hobane moprista e moholo, leha e le ofe le ofe, ya nkwang hara batho, o ye a beelwe batho dinthong tsa tshebeletso ya Modimo, a tle a hlahise dinyehelo le mahlabelo ka baka la dibe;

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

1 Moprista e mong le e mong e Moholo o kgethilwe hara batho, o beetswe ho sebeletsa Modimo sebakeng sa bona, hore a tle a nyehele ka dimpho le ka mahlabelo ka baka la dibe.

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

1 Hobane moprista e moholo e mong le e mong, ya nkwang hara batho, o beelwa batho ho sebeletsa Modimo, hore a tle a hlahise dimpho le mahlabelo ka baka la dibe;

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

1 Hobane moprista e moholo e mong le e mong, ya nkwang hara batho, o beelwa batho ho sebeletsa Modimo, hore a tle a hlahise dimpho le mahlabelo ka baka la dibe;

Ver Capítulo Copiar




BaHebheru 5:1
17 Referencias Cruzadas  

Nka Aarone le bara ba hae, le diaparo, le ole ya tlolo, le pohwana ya sehlabelo sa sebe,


Moshe a re ho Aarone: Atamela pela aletare, o etse sehlabelo sa hao sa sebe, le setjheso sa hao; o etse le pheko ya hao le ya setjhaba; o etse le setjheso sa setjhaba, le pheko bakeng sa sona, kamoo Jehova a laetseng kateng.


Ke moo ke nang le lebaka la ho ithorisa ho Jesu Kreste tabeng tseo e leng tsa Modimo.


Hobane pele ho ntho tsohle, ke le neile seo le nna ke se amohetseng, ke ho re, Kreste o shwele ka baka la dibe tsa rona, kamoo Mangolo a bolelang kateng;


Haele moprista e mong le e mong, o ntse a ema ka matsatsi wohle ho sebeletsa Modimo, mme o hlahisa hangata mahlabelo a le mang, a sa tsebeng le hanyenyane ho tlose dibe.


Empa yena, hobane a hlahise sehlabelo se le seng ka baka la dibe, o ituletse ka ho sa feleng letsohong le letona la Modimo,


Ka tumelo, Abele o hlahisitse pela Modimo sehlabelo se fetisang sa Kaine; mme ka baka la yona o pakilwe hore o lokile, hobane Modimo o pakile dineo tsa hae; mme leha a shwele, le jwale o sa bua ka yona tumelo eo.


Ka baka leo, ho ne ho tshwanetse hobane a ka etswa ya tshwanang kahohle le banababo, e tle e be moprista e moholo ya mohau, ya tshepehang ditabeng tsa Modimo, a tle a etsetse dibe tsa setjhaba pheko.


ya sa tshwanelang, jwaloka baprista ba baholo, ho hlahisa pele, ka matsatsi wohle, mahlabelo ka baka la dibe tsa hae, a ntoo hlahisa a dibe tsa setjhaba; hobane taba eo yena o e entse hang feela, mohla a ikentseng sehlabelo.


Hobane moprista e moholo e mong le e mong o ye a bewe ho hlahisetsa Modimo dinyehelo le mahlabelo; ka baka leo, e ka kgona eo le yena a be le seo a se hlahisang.


Hojane a le lefatsheng, o ne a ya hloka tokelo ya ho ba moprista, kahobane baprista ba teng ba hlahisang dinyehelo ka molao;


Empa e ne e le setshwantsho se etse ditsweng mehla ena, ha ho ne ho ntse ho hlahiswa dinyehelo le mahlabelo a sitwang ho hlatswa matswalo a ya etsang tshebe letso ya teng,


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos