Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




BaHebheru 9:7 - Sesotho 1909/1961 (SO)

7 empa ke moprista e moholo a nnotshi ya neng a kena sebakeng sa bobedi, hang feela ka lemo se seng le se seng; mme o ne a sa kene haese ka madi ao a a hlahisang ka baka la dibe tsa hae le tsa setjhaba.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

7 Empa karolong ya bobedi ya Tente ho kena Moprista e Moholo feela, le teng hanngwe ka selemo. O kena a nkile madi ao a nyehelang ka wona ho Modimo ka baka la dibe tsa hae le tsa batho, tseo ba di entseng ka ho hloka tsebo.

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

7 Empa ho ya bobedi, moprista e moholo a nnotshi o kena hang ka selemo, e seng ntle le madi, ao a ikgethelang wona le bakeng sa ditlolo tsa setjhaba.

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

7 Empa ho ya bobedi, moprista e moholo a nnotshi o kena hang ka selemo, e seng ntle le madi, ao a ikgethelang wona le bakeng sa ditlolo tsa setjhaba.

Ver Capítulo Copiar




BaHebheru 9:7
23 Referencias Cruzadas  

Ebile Jehova o halefela Ussa, mme Modimo wa mmolaela hona teng ka molato oo; a shwela teng pela areka ya Modimo.


Manasse a kgelosa Bajuda jwalo le baahi ba Jerusalema, hore ba etse bobe ho fetisa ditjhaba tse neng di timeditswe ke Jehova pela bana ba Iseraele.


Ke mang ya ka lemohang diphoso tsa hae kaofela? O ntshwarele tse nkgakileng!


Ka tenwa ke moloko oo ka dilemo tse mashome a mane, ka re: Ke setjhaba seo pelo ya sona e kgelohileng; ha ba tsebe ditsela tsa ka.


Aarone a tle a etse pheko manakeng a aletare hang ka selemo se seng le se seng; a etse pheko teng hang ka selemo, melokong ya lona, ka madi a sehlabelo sa sebe. E tla ba ntho e kgethehileng haholo ho Jehova.


Empa le bona Bajuda ba diadielwa veineng, ba dikadika ke jwala; baprista le baporofeta ba diadielwa jwaleng, ba kgopiswa ke veine, ba diadielwa jwaleng, ba thekesela ha ba bona dipono, ba tetema ha ba ahlola.


bonang, ka baka leo, ke tla eketsa ho etsa diketso tse makatsang, tse mehlolo hodima setjhaba sena, ho tle ho fele bohlale ba ba bohlale ba sona, ho timele kelello ya banna ba sona ba hlalefileng.


Haele setjhaba sa ka, se hatakelwa ke bana, basadi ba se busa. A setjhaba sa ka! batsamaisi ba hao ba o kgelosa, ba senya tsela eo o tsamayang ka yona.


Badisa ba setjhaba sena ba se kgelosa, ba dumelang ho diswa ba lahleha.


Setjhaba sa ka se botsa sefate sa sona, mme thupa ya sona e a se eletsa, hobane moya wa bofebe o a ba kgelosa, ba feba ka ho itokolla ho Modimo wa bona.


Molao oo e tla ba o sa feleng ho lona, hore pheko e etsetswe bana ba Iseraele, hang ka ngwaha, ka baka la dibe tsa bona. Ha etswa seo Moshe a se laetsweng ke Jehova.


O tla tlisa ho moprista pheleu e se nang sekodi, e nkilweng mohlapeng wa hae ka tekanyetso ya hao, e be sehlabelo sa molato. Moprista o tla mo etsetsa pheko ka baka la molato wa hae, oo a o entseng a sa tsebe, mme o tla tshwarelwa.


ya lebelo o tla sitwa ho baleha, ya matla a ke ke a itiisa ka matla a hae, senatla se ke ke sa boloka ho phela ha sona.


Moprista a etse pheko bakeng sa phutheho yohle ya bana ba Iseraele, mme ba tla tshwarelwa; hobane ke sebe se entsweng ka ho se tsebe, mme ba tlisitse sehlabelo sa bona e le sehlabelo se etsetswang Jehova ka mollo, le sehlabelo sa sebe pela Jehova, bakeng sa sebe se entsweng ka ho se tsebe.


bao mehopolo ya bona e leng lefifing, mme ba hole le bophelo ba Modimo ke ho se tsebe ho leng ho bona, ka baka la bothata ba dipelo tsa bona.


Empa mahlabelong ao ho boetse ha hopolwa dibe ka selemo se seng le se seng.


Tshepo eo ho rona e ka ankora ya moya, e tiyang, e sa sisinyeheng, e keneng ka kwana kahare ho lesira;


ya sa tshwanelang, jwaloka baprista ba baholo, ho hlahisa pele, ka matsatsi wohle, mahlabelo ka baka la dibe tsa hae, a ntoo hlahisa a dibe tsa setjhaba; hobane taba eo yena o e entse hang feela, mohla a ikentseng sehlabelo.


Mme kamora lesira la bobedi, e ne e le sebaka sa tabernakele se bitswang sehalaledisiso;


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos