Ba ne ba tiisetsa thutong ya baapostola, le kopanong ya boena, le ho ngwathweng ha bohobe, le merapelong.
BaFilipi 1:5 - Sesotho 1909/1961 (SO) kahobane le fela le kgomaretse Evangeli, haesale mohla le qalang ho e utlwa, ho fihlela jwale. BIBELE hobane le ile la kopanela molaetsa o molemo wa Kreste le nna, ho tloha letsatsing la pele ho fihlela kajeno. Baasraak Sotho NT Ka baka la kopano ya lona Evangeling ho tloha letsatsing la pele ho fihlela jwale; Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Ka baka la kopano ya lona Evangeling ho tloha letsatsing la pele ho fihlela jwale; |
Ba ne ba tiisetsa thutong ya baapostola, le kopanong ya boena, le ho ngwathweng ha bohobe, le merapelong.
Ekare ha makala a mang a thefutswe, mme wena o neng o le mohlwaare wa naheng, o hlomilwe sebakeng sa wona, mme o kopantswe le motso, o fepjwa monono wa mohlware wa hae,
Hobane ba Masedonia le ba Akaea ba ratile ho bokella dithuso tse tla abelwa bahalaledi ba fumanehileng ba Jerusalema.
Modimo, o le bileditseng kopanong le Mora wa wona Jesu Kreste, Morena wa rona, o hlile o a tshepeha.
e leng hore baditjhaba ke majalefa le Baiseraele, ke mmele o le mong le bona, ba na le kabelo hammoho pallong ho Jesu Kreste, ka Evangeli;
Banabeso, ke rata ha le ka tseba hoba tse ntlhahetseng di thusitse haholo ho ntshetsa Evangeli pele.
Ba bang ba bolela Kreste ka kgang, e seng ka pelo e ntle, ba lekanya hoba ba tla eketsa bohloko ba ditlamo tsa ka.
Feela, le itsamaeleng ka mokgwa o tshwanelang Evangeli ya Kreste; hore leha, nka tla, ka le bona, leha nka ba siyo, ke nne ke utlwe taba tsa lona tsa hore le ntse le eme moyeng o le mong le pelong e le nngwe, le ntse le lwanela hammoho tumelo ya Evangeli,
Ho lokile, ha ke ikutlwa jwalo bakeng sa lona bohle, kahobane, ditlamong tsa ka, le boikarabelong ba ka, le tiisong ya Evangeli, ke na le lona ka pelong ya ka; hobane bohle le nkile kabelo mohaung hammoho le nna.
Baratuwa ba ka, jwalokaha le bile le kutlo kamehla, le fele le sebetse polokeho ya lona ka tshabo le ka thothomelo, e seng feela ha ke le ho lona, empa haholoholo leha ke le siyo;
Empa yena, le tseba diketso tsa hae, kamoo a ntshebeleditseng Evangeling kateng, jwoloka ngwana ha a sebeletsa ntatae.
Le wena, molekanaka wa sebele jokong, ke a o rapela, ke re, o thuse basadi bao ba ntlatsitseng Evangeling, ba ena le Klemense, le bantshebedisi ba bang, bao mabitso a bona a ngodilweng bukeng ya bophelo.
Hobane re filwe kabelo ho Kreste, ha re fela re tiisetsa, ho fihlela la bofelo, ho seo e leng motheo wa tshepo ya rona;
Ke le Simone Petrose, mohlanka le moapostola wa Jesu Kreste, ke ngolla lona ba abetsweng tumelo e le nngwe le ya rona ka bohlokwa, ka ho loka ha Modimo le Mmoloki wa rona, Jesu Kreste, ke re:
seo re se boneng, seo re se utlwileng ke sona seo re le bolellang sona, hore le lona le tle le be le kopano le rona; mme kopano ya rona re na le yona le Ntate, le Mora wa hae Jesu Kreste.
Empa ha re tsamaya leseding, jwalokaha wona o le leseding, re na le kopano hammoho, mme madi a Jesu Kreste, Mora wa wona, a re hlatswa dibe tsohle.