Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




2 Bakorinthe 8:1 - Sesotho 1909/1961 (SO)

1 Banabeso, jwale re le tsebisa mohau oo Modimo o o etseditseng dikereke tsa Masedonia.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

1 Bana beso, re le tsebisa mohau wa Modimo o neilweng dikereke tsa Masedonia.

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

1 Hape, bana beso, re le tsebisa mohau wa Modimo o neilweng dikereke tsa Masedonia;

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

1 Hape, bana beso, re le tsebisa mohau wa Modimo o neilweng dikereke tsa Masedonia;

Ver Capítulo Copiar




2 Bakorinthe 8:1
15 Referencias Cruzadas  

Ha tla le ya neilweng ditalenta tse pedi, a re: Morena, o ne o nneile ditalenta tse pedi; bona, ke ruile tse ding tse pedi kahodima tsona.


Eitse ha a fihla, mme a bona mohau wa Modimo, a thaba, mme a ba kgothatsa kaofela ho tiisetsa ho Morena ka pelo e pheheletseng.


Teng pono ya hlahela Pauluse bosiu: monna e mong wa Masedonia o ne a le teng, a eme pela hae, a mo rapela, a re: Tshelela Masedonia, o re thuse.


Jwale, kamora dilemo tse ngata, ke tlile ho etsa dithuso le diabo setjhabeng sa heso.


Hobane ba Masedonia le ba Akaea ba ratile ho bokella dithuso tse tla abelwa bahalaledi ba fumanehileng ba Jerusalema.


Empa ke ka mohau wa Modimo ke leng seo ke leng sona; mme mohau wa wona ho nna ha o a ka wa eba lefeela; empa, ke ba fetisitse bohle hole ka ho sebetsa; empa e seng nna, e leng mohau wa Modimo o ho nna.


Mme leha ke ne ke sa le hara lona, ke le tsietsing ya bohloki, ha ke a ka ka kgathatsa motho; hobane baena ba tswang Masedonia ba mpabaletse ka seo ke neng ke se hloka; mme ke itlhokometse hore ke se ke ka le etsetsa boima le ka ntho leha e le nngwe le jwale ke sa tla iponela teng.


Hobane tokiso ya tshebeletso eo ha e kgodise bohloki ba bahalaledi feela, empa hape e tla atisa diteboho tse ngata tse bewang ho Modimo.


hobane ke tseba tjheseho ya lona tabeng ena eo ke ntseng ke ithorisa ka lona ho ba Masedonia, ka ho re, ba Akaea ba se ba ne ba lokise le ngwahola; mme tjheseho ya lona e fela e tsositse ba bangata.


Esere, leha ba Masedonia ba ka tla le nna, mme ba le fihlela le eso ho lokise, ra tla ra hlajwa ke dihlong — ha ke sa re lona — tabeng eo re kileng ra ithorisa ka yona.


Mohau oo o neilwe nna, ke leng e monyenyane ho bahalaledi bohle, wa hore ke bolele hara baditjhaba monono o sa fihlelweng wa Kreste,


Ke seo ke se sebetsang, ke ntse ke lwana ka tshebetso ya hae e sebetsang ka ho nna ka matla.


Mme le fela le etsa jwalo ho baena bohle ba Masedonia yohle; re mpa re le kgothatsa, banabeso, hore le ke le hole leratong leo.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos