Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Filemone 1:17 - Sesotho 1909/1961 (SO)

17 Jwale he, ha ke le motswalle wa hao, mo amohele hle, jwaloka hoja e le nna.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

17 Haeba o nkuku ke le molekane wa hao, mo amohele jwalokaha o ne o tla nkamohela.

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

17 Ha o nkuka ke le molekane, mo amohele jwalokaha o ithata.

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

17 Ha o nkuka ke le molekane, mo amohele jwalokaha o ithata.

Ver Capítulo Copiar




Filemone 1:17
17 Referencias Cruzadas  

Ya le amohelang o a nkamohela; mme ya nkamohelang o amohela ya nthomileng.


mme e mong le e mong ya amohelang ngwana ya jwaloka enwa ka lebitso la ka, o amohela nna.


Morena o tla ba araba, a re: Kannete ke a le bolella, ke re: Tseo le di entseng e monyenyane ho baena ba ka, le di entse nna.


Yare hobane a kolobetswe le ba ntlo ya hae, a re rapela, a re: Ha ekaba le ahlotse hore ke ya dumetseng ruri ho Morena, a le keng le tle ka tlung ya ka, le dule teng. Mme a re tiisetsa matla.


Haele Tite, ke molekane wa ka le motlatsi wa ka ho lona; mme haele baena ba bang, ke baromuwa ba dikereke, ke letlotlo la Kreste.


e leng hore baditjhaba ke majalefa le Baiseraele, ke mmele o le mong le bona, ba na le kabelo hammoho pallong ho Jesu Kreste, ka Evangeli;


Ho lokile, ha ke ikutlwa jwalo bakeng sa lona bohle, kahobane, ditlamong tsa ka, le boikarabelong ba ka, le tiisong ya Evangeli, ke na le lona ka pelong ya ka; hobane bohle le nkile kabelo mohaung hammoho le nna.


Mme ba nang le benghadi ba dumetseng, ba se ke ba ba nyedisa ka hoba e le bana babo bona, empa ba ba sebeletse haholo ke hona, hobane bona bao ba ba etsetsang hantle ke badumedi le baratuwa. Ruta taba tseo, mme o kgothatse ka tsona.


ke rapella ho wena Onesima, ngwanaka, eo ke mo tswetseng ke le ditlamong,


Mo amohele hle, hobane ke pelo ya ka ka sebele.


Mme leha ekaba a kile a o tlatlapa ka hore hoitseng, kapa a na le molato ho wena, o ke o o batle ho nna.


Ka baka leo, banabeso ba halalelang, ba nang le kabelo pitsong ya lehodimo, le ke le lemohe Jesu Kreste, moapostola le moprista e moholo wa tumelo eo re leng ho yona;


Hobane re filwe kabelo ho Kreste, ha re fela re tiisetsa, ho fihlela la bofelo, ho seo e leng motheo wa tshepo ya rona;


Utlwang, banabeso ba ratwang! Na Modimo ha o a ka wa kgetha bafumanehi ba lefatshe lena, hore e be ba ruileng tumelong, le majalefa a mmuso oo o o baletseng ba o ratang?


Ke kgothatsa baholo ba ho lona, nna ke leng moholo le bona, le paki ya mahlomola a Kreste, le ya nang le kabelo kganyeng e tlang ho senolwa,


seo re se boneng, seo re se utlwileng ke sona seo re le bolellang sona, hore le lona le tle le be le kopano le rona; mme kopano ya rona re na le yona le Ntate, le Mora wa hae Jesu Kreste.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos