Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




BaFilipi 1:4 - Sesotho 1909/1961 (SO)

4 ke ntse ke le rapella bohle kamehla, ka thabo, merapelong yohle eo ke e etsang,

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

4 mme kamehla ha ke le rapella bohle, ke ka thabo ke rapelang,

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

4 kamehla thapelong e nngwe le e nngwe ya ka bakeng sa lona bohle ke ntse ke le kopa ka thabo;

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

4 Kamehla thapelong e nngwe le e nngwe ya ka bakeng sa lona bohle ke ntse ke le kopa ka thabo;

Ver Capítulo Copiar




BaFilipi 1:4
14 Referencias Cruzadas  

Kamehla, motshehare le bosiu, o ne a le dithabeng le mabitleng, a ntse a howa a ikgoba ka majwe.


Ke a le bolella, ka mokgwa o jwalo thabo e teng pela mangeloi a Modimo ka moetsadibe a le mong ya bakang.


Ke a le bolella, ka mokgwa o jwalo thabo e tla ba teng lehodimong ka baka la moetsadibe a le mong ya bakang, e fetisang e bang teng ka baka la ba lokileng ba mashome a robileng mono o le mong a metso e robileng mono o le mong ba sa hlokeng pako.


Hobane Modimo oo ke o sebeletsang moyeng wa ka Evangeling ya Mora wa wona, ke wona paki ya ka ha ke re, ha ke lese ho le hopola,


le ke le phethise thabo ya ka, ka ho ba le kgopolo e le nngwe, le lerato le le leng, le moya o le mong, le ho ikutlwa ho le hong feela.


Hobane ba bangata bao ke seng ke ba boletse ho lona hangata, le jwale ke sa ba bolela ka ho lla, ba tsamaya e le dira ho sefapano sa Kreste;


Ka baka leo, bana beso ba ratwang, ba hlolohelwang haholo, lona bao le leng thabo ya ka, le moqhaka wa ka, ha le ke le tiye jwalo Moreneng, baratuwa.


Hobane, leha ke le siyo ka nama, ka moya ke na le lona, ke ntse ke thaba, ke boha ho lokisa ha lona, le ho tiya ha tumelo ya lona ho Kreste.


Re leboha Modimo kamehla ka baka la lona bohle, re ntse re le hopotse merapelong ya rona.


Efela, re na le thabo le tshediso e kgolo leratong la hao, kahobane dipelo tsa bahalaledi di kgatholotswe ke wena, ngwaneso.


Ke thabile haholo ha ke fihletse bana ba bang ba hao ba tsamaya nneteng, jwalokaha re laetswe ke Ntate.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos