Biblia Todo Logo
La Biblia Online

- Anuncios -




BaHebheru 3:14 - Sesotho 1909/1961 (SO)

14 Hobane re filwe kabelo ho Kreste, ha re fela re tiisetsa, ho fihlela la bofelo, ho seo e leng motheo wa tshepo ya rona;

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

14 Re fetohile ba nang le kabelo le Kreste ho tsa hae, ha feela re tiisetsa, ho isa qetellong, tshepong e tiileng eo re bileng le yona qalong,

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

14 Hobane re ba le kabelo ho Kreste, ha re ka tiya tshimoloho ya tshepo ya rona ho isa qetellong;

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

14 Hobane re ba le kabelo ho Kreste, ha re ka tiya tshimoloho ya tshepo ya rona ho isa qetellong;

Ver Capítulo Copiar




BaHebheru 3:14
17 Referencias Cruzadas  

Ekare ha makala a mang a thefutswe, mme wena o neng o le mohlwaare wa naheng, o hlomilwe sebakeng sa wona, mme o kopantswe le motso, o fepjwa monono wa mohlware wa hae,


Ka baka leo, o lemohe mohau wa Modimo le bothata jwa wona; bothata hodima ba weleng, le mohau hodima hao, ha o tiisetsa molemong oo wa wona; hobane ha o sa tiisetse teng, o tla rengwa le wena.


Mme ke ka wona lona le leng ho Jesu Kreste, ya entsweng ke Modimo bohlale ba rona, le ho loka ha rona, le kgalalelo ya rona, le topollo ya rona:


Rona, bao re leng bangata, re mmele o le mong, kahoba bohobe bo le bong feela; hobane bohle re ja bohobe boo bo le bong.


Tsohle tseo ke di etsa ka baka la Evangeli, hore le nna ke tle ke be le kabelo teng.


e leng hore baditjhaba ke majalefa le Baiseraele, ke mmele o le mong le bona, ba na le kabelo hammoho pallong ho Jesu Kreste, ka Evangeli;


Ha ho le a mong wa banna ba mofuta oo o mobe ya tlang ho bona lefatshe le molemo leo ke anneng, ka re, ke tla le nea bontata lona,


Mme ba nang le benghadi ba dumetseng, ba se ke ba ba nyedisa ka hoba e le bana babo bona, empa ba ba sebeletse haholo ke hona, hobane bona bao ba ba etsetsang hantle ke badumedi le baratuwa. Ruta taba tseo, mme o kgothatse ka tsona.


Jwale, tumelo ke tshepiso e tiileng ya dintho tse lebeletsweng, ke pontsho e kgodisang ya tse sa bonweng.


Athe bao ba re laile ka ditshiu di se kae, kamoo ba neng ba bona tshwanelo kateng; empa Morena o re laya ho re batlela molemo, re tle re be le kabelo kgalalelong ya hae.


Ka baka leo, banabeso ba halalelang, ba nang le kabelo pitsong ya lehodimo, le ke le lemohe Jesu Kreste, moapostola le moprista e moholo wa tumelo eo re leng ho yona;


Empa Kreste o bile kgabane pusong ya ntlo ya wona ka mokgwa wa Mora; mme ntlo ya wona ke rona, ha re boloka, ka ho tiya, tshepo le thabo ya tebello ya rona ho fihlela la bofelo.


Empa re rata hoba e mong le e mong a ka nna a hlahisa tjheseho yona eo ho isa qetellong, tshepo ya lona e tle e phethehe;


Hobane ba seng ba kile ba bonesetswa, ba lekileng neo ya lehodimo, ba filweng kabelo Moyeng o Halalelang,


empa erekaha le nkile kabelo mahlomoleng a Kreste, thabang hore, mohla kganya ya hae e bonahalang, le tle le thabe ka nyakallo e fetisisang.


Ke kgothatsa baholo ba ho lona, nna ke leng moholo le bona, le paki ya mahlomola a Kreste, le ya nang le kabelo kganyeng e tlang ho senolwa,


seo re se boneng, seo re se utlwileng ke sona seo re le bolellang sona, hore le lona le tle le be le kopano le rona; mme kopano ya rona re na le yona le Ntate, le Mora wa hae Jesu Kreste.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos