Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




BaFilipi 2:12 - Sesotho 1909/1961 (SO)

12 Baratuwa ba ka, jwalokaha le bile le kutlo kamehla, le fele le sebetse polokeho ya lona ka tshabo le ka thothomelo, e seng feela ha ke le ho lona, empa haholoholo leha ke le siyo;

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

12 Ka baka leo, baratuwa, le lona le mamele jwaloka kamehla. Etsang jwalo, e seng feela ha ke le teng, empa haholoholo kajeno ha ke le siyo. Sebeletsang pholoho ya lona ka tshabo le ka thothomelo,

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

12 Ka baka leo, baratuwa ba ka, kamoo le nnileng la mamela ka mehla, e seng jwaloka ha ke le teng feela, empa e le haholoholo ha ke le siyo, le sebeletse poloko ya lona ka tshabo le thothomelo.

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

12 Ka baka leo, baratuwa ba ka, kamoo le nnileng la mamela ka mehla, e seng jwaloka ha ke le teng feela, empa e le haholoholo ha ke le siyo, le sebeletse poloko ya lona ka tshabo le thothomelo.

Ver Capítulo Copiar




BaFilipi 2:12
41 Referencias Cruzadas  

A re keng re hlabe selekane le Modimo wa rona, sa ho kgutlisa basadi bao bohle le bana ba tswetsweng ke bona, jwalokaha ho eleditse monghadi wa ka le ba thothometswang ke molao wa Modimo wa rona, mme hona ho ke ho etswe ka molao.


Mmele wa ka o tlakasela ke ho o tshaba; ke tshaba dikahlolo tsa hao.


Sebeletsang Jehova ka tshabo, mme le thabe le ntse le thothomela!


Ya lokileng o sebeletsa ho phela, empa ya sa lokang o ruela sebe.


Pelo ya sekgoba e lakatsa kamehla, leha ho le jwalo, ha se rue letho; empa moya wa sekgothadi o a nona.


Tseo tsohle di entswe ke letsoho la ka; tsohle tseo di bile teng ka nna: ho bolela Jehova. Empa eo ke tla mo tadima ke ya hlomohileng, ya robehileng pelo, le ya thothometswang ke lentswe la ka.


Mamelang lentswe la Jehova, lona ba thothometswang ke lentswe la hae. Banababo lona ba le hloileng, ba le lelekisang ka baka la lebitso la ka, ba re: Jehova a ke a hlahise kganya ya hae, re tle re bone thabo ya lona! Empa ba tla swaba.


Ho tloha mehleng ya Johanne Mokolobetsi, ho fihlela jwale, mmuso wa mahodimo o kenwa ka matla, mme ba bohale ba o hapa.


Inkeleng joko ya ka, mme le ithute ho nna; hobane ke mosa le pelo e nolo, mme le tla fumanela meya ya lona phomolo.


Eitse ha a kopile lebone, a mathela teng, a itihela maotong a Pauluse le Silase, a ntse a tlakasela.


A re ka tshoho le ka thothomelo: Morena, o rata hore ke etse eng na? Morena a re ho yena: Tsoha, o kene motseng, mme o tla bolellwa teng seo o tshwanetseng ho se etsa.


Ba batlang kganya, le hlompheho, le ho se bole, ka ho tiisetsa ho etsa hantle, o ba nee bophelo bo sa feleng;


Ka baka leo, banabeso ba ratwang, tiyang matla, le se ke la sisinyeha, mme le nne le eketse kamehla ho sebeletsa Morena, le ntse le tseba hobane mosebetsi wa lona e ke ke ya eba wa lefeela Moreneng.


Le nna ke bile hara lona ka mefokolo, le tshabo, le thothomelo e kgolo.


Ke ngola taba tseo, e seng ho le hlabisa dihlong, empa ke a le lemosa, kaha le le bana ba ka ba ratwang.


Ka baka leo, leha a hopola kutlo ya lona bohle, le kamoo le mo amohetseng kateng, ka tshabo le ka thothomelo, lerato la hae ho lona le ntse le eketseha.


Bahlanka, utlwang ka tshabo, le ka thothomelo, le ka tshepeho ya dipelo tsa lona, bao e leng beng ba lona ka nama, jwalokaha le utlwa Kreste.


Feela, le itsamaeleng ka mokgwa o tshwanelang Evangeli ya Kreste; hore leha, nka tla, ka le bona, leha nka ba siyo, ke nne ke utlwe taba tsa lona tsa hore le ntse le eme moyeng o le mong le pelong e le nngwe, le ntse le lwanela hammoho tumelo ya Evangeli,


Hobane ka baka la Kreste le neilwe lehlohonolo, e seng feela la ho dumela ho yena, e leng le la ho utlwiswa bohloko ka baka la hae.


kahobane le fela le kgomaretse Evangeli, haesale mohla le qalang ho e utlwa, ho fihlela jwale.


Ke tshepile hobane ya qadileng mosebetsi o molemo ho lona, o tla fela a o phethe, ho isa tsatsing la Jesu Kreste.


Ke tshepile ho Morena Jesu hobane ke tla phakisa ke le romele Timothea, ke tle ke kgothahale, ha ke utlwa kamoo taba tsa lona di dutseng kateng.


Ka baka leo, bana beso ba ratwang, ba hlolohelwang haholo, lona bao le leng thabo ya ka, le moqhaka wa ka, ha le ke le tiye jwalo Moreneng, baratuwa.


Le a tseba le lona, Bafilipi, hoba, enere ha ke tswa Masedonia, ha ke qala ho le bolella Evangeli, ha ho a ka ha eba le kereke e nneileng letho le ka bitswang mpho, leha e le kamohelo, haese lona le nnotshi.


Ha re lese ho hopola ho sebetsa ha tumelo ya lona le phehello ya lerato la lona, le tiisetso ya tshepo ya lona ho Morena Jesu Kreste, pela Modimo, Ntata rona;


Ke mamella tsohle ke hona ka baka la bakgethwa, hore le bona ba ke ba rue poloko e ho Jesu Kreste, le kganya e sa feleng.


Jwale he, le rona ha re teetswe hare ke leru le lekalo la dipaki, a re ke re lahleng hohle ho re imelang, le sebe se tshwasang feela, mme re ke re mathe ka sebete peisong eo re e beetsweng,


A re tshabeng ke hona, haele moo pallo ya ho kena phomolong ya wona e sa le teng, esebe e mong wa rona a ka bonahala hoba eka o haeletswe ke yona.


A re ke re itlhahaneleng ke hona ho kena phomolong eo, esebe e mong a tshoha a ewa ke ho ya ka mohlala wa bao ba sa kang ba dumela.


Mme jwale, ha a phethehile, o entswe moetsi wa poloko e sa feleng ho bohle ba mo utlwang,


Baratuwa, ke a le kgothatsa jwalokaha le le basele le baeti, ke re: Tshabang ditakatso tsa nama, tse lwantshang moya;


le mpe le hole mohaung le tsebong ya Jesu Kreste, Morena le Mmoloki wa rona. Ho yena e be kganya jwale le mehleng e sa feleng! Amen!


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos