Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Baefese 3:6 - Sesotho 1909/1961 (SO)

6 e leng hore baditjhaba ke majalefa le Baiseraele, ke mmele o le mong le bona, ba na le kabelo hammoho pallong ho Jesu Kreste, ka Evangeli;

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

6 Sephiri seo ke ho re, ho Kreste Jesu, ka molaetsa o molemo, baditjhaba ke majalefa mmoho le Bajuda, bobedi ke ditho tsa mmele o le mong, mme ba na le kabelo tshepisong e le nngwe.

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

6 hore baditjhaba e tle e be majalefa hammoho le mmele o le mong, le ba nang le kabelo pallong ya hae ka Kreste ka Evangeli.

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

6 hore baditjhaba e tle e be majalefa hammoho le mmele o le mong, le ba nang le kabelo pallong ya hae ka Kreste ka Evangeli.

Ver Capítulo Copiar




Baefese 3:6
17 Referencias Cruzadas  

Le tla le laola ka lotho ho iketsetsa dikoto tseo e tla ba mafa a lona, le a baditjhaba ba ahileng hara lona, e leng baditjhaba ba tswetseng bana ha eno; ho lona ba tla ba jwaloka batala baneng ba Iseraele; ba tla laolelwa lefa la bona hara meloko ya Iseraele ka lotho hammoho le lona.


Hobane jwalokaha mmele o le mong, mme o ena le ditho tse ngata, mme ditho tsohle tsa mmele o leng mong, leha di le ngata, e le mmele o le mong feela, Kreste le yena o jwalo.


Haele lona, le mmele wa Kreste, mme le ditho tse ding tsa hae.


hore lehlohonolo la Abrahama le fihlele baditjhaba ka Jesu Kreste, mme re amohele pallo ya Moya ka tumelo.


Mme bao e leng ba Kreste, ba thakgisitse nama, le dithato, le ditakatso tsa yona.


Sephiri seo ke se tsebisitswe ka tshenolo, jwalokaha ke sa tswa le ngolla ka mantswe a se makae;


Hobane re ditho tsa mmele wa hae.


Ka baka leo, le se ke la ba le taba le bona.


a sa itshwarelle ka hlooho, eo mmele wohle, ha o ntse o fepjwa, mme o teanngwa hammoho ka dikopano tsa manonyello, o holang ka kgolo ya Modimo.


seo re se boneng, seo re se utlwileng ke sona seo re le bolellang sona, hore le lona le tle le be le kopano le rona; mme kopano ya rona re na le yona le Ntate, le Mora wa hae Jesu Kreste.


Mme pallo eo a re baletseng yona, ke bophelo bo sa feleng.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos