Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




BaFilipi 2:22 - Sesotho 1909/1961 (SO)

22 Empa yena, le tseba diketso tsa hae, kamoo a ntshebeleditseng Evangeling kateng, jwoloka ngwana ha a sebeletsa ntatae.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

22 Timothea o pakwa ke mesebetsi ya hae. Le tseba hore o nthusitse ho phatlalatsa molaetsa o molemo, jwalokaha mora a thusa ntatae.

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

22 Empa le tseba bopaki ba hae, hobane o sebeditse le nna Evangeli jwalokaha ngwana a sebeletsa ntatae.

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

22 Empa le tseba bopaki ba hae, hobane o sebeditse le nna Evangeli jwalokaha ngwana a sebeletsa ntatae.

Ver Capítulo Copiar




BaFilipi 2:22
20 Referencias Cruzadas  

O ne a roriswa ke baena ba Listra le ba Ikone.


mamello e hlahisa temoho, temoho e hlahisa tshepo;


Ekare ha Timothea a etla, le bone hore a dule hara lona a sa tshabe letho, kahobane a ineetse mosebetsi wa Morena jwaloka nna.


Ke ka baka leo ke le rometseng Timothea, e leng mora wa ka ya ratwang, ya tshepehang Moreneng, hore a le hopotse dika tsa ka ho Kreste, kamoo ke rutang kateng, kahohle kerekeng e nngwe le e nngwe.


etswe ke le ngoletse hore ke tle ke le leke, mme ke tsebe hobane na nthong tsohle le a nkutlwa.


Re romile le bona moena e mong, eo re boneng hangata a le mafolofolo ditabeng tse ngata; le jwale o sa na le mafolofolo a fetisang ka ho le tshepa haholo.


A le ke le bonahatseng lerato la lona pela dikereke, le kamoo re sa foseng ha re ithorisa ka lona kateng.


Ha ke rialo ka molao, empa e le hore ke leke, ka mafolofolo a ba bang, nnete ya lerato la lona.


Banabeso, ke rata ha le ka tseba hoba tse ntlhahetseng di thusitse haholo ho ntshetsa Evangeli pele.


Ba bang ba bolela Kreste ka kgang, e seng ka pelo e ntle, ba lekanya hoba ba tla eketsa bohloko ba ditlamo tsa ka.


kahobane le fela le kgomaretse Evangeli, haesale mohla le qalang ho e utlwa, ho fihlela jwale.


Ho lokile, ha ke ikutlwa jwalo bakeng sa lona bohle, kahobane, ditlamong tsa ka, le boikarabelong ba ka, le tiisong ya Evangeli, ke na le lona ka pelong ya ka; hobane bohle le nkile kabelo mohaung hammoho le nna.


Hobane ha ke na e mong eo pelo ya hae e tshwanang le ya ka jwaloka yena, leha e le ya hlokomelang taba tsa lona ka sebele jwaloka yena.


Timothea, ngwana ka, taelo eo ke o beelang yona ke hore, jwalokaha ho kile ha porofetwa pele hodima hao, o nne o lwane ntwa e molemo, o ntse o eya ka tseo tse porofetilweng;


ke ngolla Timothea, mora wa ka wa sebele tumelong, ke re: O newe mohau, le lereko, le kgotso ke Modimo, Ntata rona, le ke Jesu Kreste, Morena wa rona.


Ha o beela baena taba tseo, o tla ba mohlanka ya molemo wa Jesu Kreste, ya otlilweng ka dipolelo tsa tumelo le ka thuto e molemo, eo o e latetseng.


ke ngolla Timothea, mora wa ka ya ratwang, ke re: O ke o newe mohau, le lereko, le kgotso, ke Modimo Ntate, le ke Jesu Kreste, Morena wa rona.


Empa haele wena, o rutehile thuto ya ka ruri, le ho etsa ha ka, le phehello ya ka, le tumelo ya ka, le mamello ya ka, le lerato la ka, le sebete sa ka;


ke ngolla wena Tite, ngwanaka wa sebele tumelong eo re nang le yona hammoho le wena, ke re: O ke o newe mohau, le lereko, le kgotso ke Modimo Ntate, le ke Morena Jesu Kreste, Mmoloki wa rona.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos