o tla nyehela ka nyehelo ya pohwana mmoho le nyehelo ya dijo. E be phofo e boima ba kilo tse tharo, e thumisehileng, e dubilweng ka lethara tse pedi tsa ole.
Orenane a re ho Davida: “Se nke feela, monga ka, kgosi ya ka, o etse ka sona kamoo o ratang kateng. Ke bile ke o fa le dipholo tsena hore o etse nyehelo ya setjheso ka tsona; ke o fa le selei sena se polang hore o etse patsi ka sona, le koro hore o etse nyehelo ya dijo ka yona. Tsena tsohle ke o fa tsona.”
le bakeng sa bohobe bo halalelang, le nyehelo ya dijo ya letsatsi ka leng, le nyehelo ya setjheso ya Sabatha se seng le se seng, le nyehelo ya ho thwasa ha kgwedi, le nyehelo ya mekete e kgethehileng, le nyehelo ya dintho tse halalelang, le nyehelo e tlosang sebe ho etsetsa setjhaba sa Iseraele tefelo ya sebe, bakeng sa mesebetsi yohle ya Tempele ya Modimo.
Yaba monna eo o re ho nna: “Dikamore tse ka leboya le tse ka borwa, tse shebileng ka lebaleng la Tempele, ke dikamore tse halalelang tsa baprista ba atamelang ho Morena; ke moo ba tla jela teng dinyehelo tse halalelang ka ho fetisisa. Ke hona moo ba tla boloka dinyehelo tse halalelang ka ho fetisisa teng, e leng dinyehelo tsa koro, le dinyehelo tse etswang ka baka la sebe, le dinyehelo tsa tefelo ya melato, hobane ke sebaka se halalelang.
“ ‘Mohla mekete e halalelang le e kgethehileng, bakeng sa pohwana eo ho nyehelwang ka yona ho tla etswa le nyehelo ya dijo tse etsang boima ba dikilo tse leshome le metso e tsheletseng; le bakeng sa pheleu eo ho nyehelwang ka yona ho tla etswa nyehelo ya dijo tse etsang boima ba dikilo tse leshome le metso e tsheletseng. Empa bakeng sa nyehelo ya dikonyana ho tla etswa nyehelo ya dijo ho ya kamoo motho a ka ratang kateng, ho be ho etswe le nyehelo ya dilethara tse tharo tsa ole ya mohlwaare bakeng sa dijo tse etsang boima ba dikilo tse leshome le metso e tsheletseng.
Bakeng sa pheleu ka nngwe eo ho nyehelwang ka yona, kgosana e tla etsa nyehelo ya dijo tse etsang boima ba dikilo tse leshome le metso e tsheletseng; bakeng sa konyana ka nngwe eo ho nyehelwang ka yona kgosana e tla etsa nyehelo ya dijo kamoo e ka ratang kateng, e be e etse le nyehelo ya dilethara tse tharo tsa ole ya mohlwaare bakeng sa nyehelo ka nngwe ya dijo.
Bakeng sa pohwana eo ho nyehelwang ka yona, kgosana e tla etsa nyehelo ya dijo tse etsang boima ba dikilo tse leshome le metso e tsheletseng, le bakeng sa pheleu eo ho nyehelwang ka yona e etse nyehelo e kaalo. Bakeng sa dikonyana tseo ho nyehelwang ka tsona e tla etsa nyehelo ya dijo kamoo e ka ratang kateng, e be e etse le nyehelo ya dilethara tse tharo tsa ole ya mohlwaare bakeng sa nyehelo ka nngwe ya dijo.
“Ka letsatsi la borobedi o tla nka dikonyana tse pedi, tse tona, tse se nang sepha; le konyana ya sethojana e nang le selemo, e se nang sepha; le phofo e thumisehileng, e boima ba dikilo tse tharo, e dubilweng ka ole, e le nyehelo ya phofo; le ole e ka etsang halofo ya lethara.
Ona ke molao wa setjheso sa nyehelo ya dijo, le sa nyehelo e tlosang sebe, le sa nyehelo ya melato, le sa nyehelo ya kgalaletso, le sa sehlabelo sa nyehelo ya teboho.
Le ka dikilo tse tharo tsa phofo e thumisehileng, e dubilweng ka ole, e le nyehelo e tsamayang le pohwana e nngwe le e nngwe; le ka dikilo tse pedi tsa phofo e thumisehileng, e dubilweng ka ole, e le nyehelo ya dijo e tsamayang le pheleu e nngwe le e nngwe.
Dinyehelo tsa dino tse tsamayang le tsona e tla ba dilethara tse pedi tsa veine bakeng sa pohwana e nngwe le e nngwe, le lethara e le nngwe le halofo bakeng sa pheleu e nngwe le e nngwe, le lethara e le nngwe bakeng sa konyana e nngwe le e nngwe. Ena ke nyehelo ya setjheso ya kgwedi e nngwe le e nngwe ya dikgwedi tsa selemo.
Tsena ho tla nyehelwa ka tsona e le tse eketsang nyehelo ya setjheso ya ha kgwedi e thwasitse, mmoho le nyehelo ya dijo e tsamayang le yona; le e eketsang nyehelo ya kamehla ya setjheso, mmoho le nyehelo ya dijo e tsamayang le yona; le dinyehelo tsa dino tse tsamayang le tsona, ho ya ka taelo ya tsona, e le nyehelo ya mollo e monko o monate, e amohelehang ho Morena.’ ”
Ha Anna a se a kgwesitse Samuele, a nyoloha le yena a kganna dipohwana tse tharo, a nkile phofo e thumisehileng, e boima ba dikilo tse leshome, le lekuka la veine, a mo isa ka tlung ya Morena e Shilo. Moshanyana eo o ne a sa le monyenyane.