Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Nehemia 10:33 - BIBELE

33 le bakeng sa bohobe bo halalelang, le nyehelo ya dijo ya letsatsi ka leng, le nyehelo ya setjheso ya Sabatha se seng le se seng, le nyehelo ya ho thwasa ha kgwedi, le nyehelo ya mekete e kgethehileng, le nyehelo ya dintho tse halalelang, le nyehelo e tlosang sebe ho etsetsa setjhaba sa Iseraele tefelo ya sebe, bakeng sa mesebetsi yohle ya Tempele ya Modimo.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

33 ho tle ho batlwe mahobe a pontsha, le nyehelo e sa feleng, le sehlabelo sa setjheso sa disabbatha tsohle, le sa dikgwedi ha di thwasa, le sa mekete, le dintho tse halalelang, le mahlabelo a sebe a etsetswang pheko ya Baiseraele, le mesebetsi yohle e emeng ya ntlo ya Modimo wa rona.

Ver Capítulo Copiar




Nehemia 10:33
7 Referencias Cruzadas  

Bona, ke hahela Morena Modimo wa ka, Tempele moo a tla kgumamellwa teng, mme ke mo abela yona. Ke moo ke tla mo tjhesetsa mokubetso o monko o monate teng. Ke moo re tla bea bohobe bo halalelang teng, re etsetse le nyehelo ya setjheso teng, hoseng le mantsiboya, le ka disabatha, le ka mekete ya ho thwasa ha kgwedi, le ka mekete e halalelang ya Morena Modimo wa rona. Ena ke taelo ya kamehla yohle e laetsweng Baiseraele.


O tla bokella tjhelete ena ya topolla ya bophelo, e ntshwang ke bana ba Iseraele, mme o e sebedise mererong ya Tente ya Morena; e tla ba eo Morena a tla hopola bana ba Iseraele ka yona, mme a lopolle bophelo ba lona.”


Jwale ho se be ya ka le ahlolelang tseo le di jang, kapa tseo le di nwang, kapa ho boloka matsatsi a mekete, kapa a ho thwasa ha kgwedi, kapa a Disabatha.


Ka matsatsi wohle moprista e mong le e mong o phetha tsa tshebeletso, mme o nyehela hangata ka wona mahlabelo ana, ao ho hang a ke keng a tlosa dibe.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos