Nehemia 10:34 - BIBELE34 “Re etsa lotho hara baprista, le Balevi, le setjhaba, hore re tle re bone hore na ke bo-mang, ho ya ka malapa abo bona, ba tla tlisa patsi ya nyehelo ka Tempeleng ya Modimo ka dinako tse beilweng ka selemo le selemo, e leng patsi e tla beswa hodima aletare ya Morena Modimo wa rona, jwalokaha ho ngotswe Molaong. Ver CapítuloSesotho 1909/1961 (SO)34 Ra laola ka lotho bakeng sa kabelo ya dipatsi, rona, le baprista, le Balevi, le ba bang ba setjhaba, hore, ka ho ya ka matlo a bontata rona, di tliswe tlung ya Modimo wa rona, ka dinako tse beilweng, ka dilemo tsohle, ho tla beswa aletareng ya Jehova, Modimo wa rona, kamoo ho ngodilweng kateng, molaong; Ver Capítulo |