Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Nehemia 10:34 - Sesotho 1909/1961 (SO)

34 Ra laola ka lotho bakeng sa kabelo ya dipatsi, rona, le baprista, le Balevi, le ba bang ba setjhaba, hore, ka ho ya ka matlo a bontata rona, di tliswe tlung ya Modimo wa rona, ka dinako tse beilweng, ka dilemo tsohle, ho tla beswa aletareng ya Jehova, Modimo wa rona, kamoo ho ngodilweng kateng, molaong;

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

34 “Re etsa lotho hara baprista, le Balevi, le setjhaba, hore re tle re bone hore na ke bo-mang, ho ya ka malapa abo bona, ba tla tlisa patsi ya nyehelo ka Tempeleng ya Modimo ka dinako tse beilweng ka selemo le selemo, e leng patsi e tla beswa hodima aletare ya Morena Modimo wa rona, jwalokaha ho ngotswe Molaong.

Ver Capítulo Copiar




Nehemia 10:34
16 Referencias Cruzadas  

Ba arolelwa dikabelo ka lotho, ba bang le ba bang; batsamaisi ba sehalalelo le batsamaisi ba ntlo ya Modimo ba nkwa hara bara ba Eleasare le hara bara ba Ithamare;


Lotho ya pele ya wela Jehojaribe, ya bobedi Jedaia,


Hape, Salomone a romela ho Hurame, morena wa Tire, a re: Nketsetse kamoo o etseditseng ntate Davida kateng, eo o kileng wa mo romela dikedare tsa ho ikgahela ntlo ya ho dula ho yona.


Hape, ha etswa setjheso sa mehla, le sa kgwedi ha e thwasa, le sa mekete yohle e halalelang ya Jehova, le sa motho ka mong ya ratang ho hlabela Jehova sehlabelo.


Dihlooho tsa setjhaba, tsona di ne di se di ahile Jerusalema; haele ba bang ba setjhaba, ha laolwa ka lotho hore hara ba leshome e mong a tle a ahe Jerusalema, motseng o halalelang, ba bang ba robileng mono o le mong ba ahe metseng.


ka lokisa le taba ya dinyehelo tsa dipatsi ka dinako tse beilweng, le ya dilopotsiya. Oho, Modimo wa ka, o nkgopole o tle o nketse hantle!


Lotho e fedisa dikgang, e arola le tsa ba baholo.


Lebanone a ke ke a lekana le mollo, le diphoofolo tsa hae di ke ke tsa lekana le ditjheso.


O tla nka lefi la phofo, o etse mahobe a leshome le metso e mmedi, bohobe bo bong le bo bong bo etswe ka dikarolo tse pedi tsa boshome ba efa.


O tla a hlahlamanya ka ditha tse pedi tafoleng ya kgauta e tshekilweng, pela Jehova; a be ka botshelela setheng se seng le se seng.


Laela bana ba Iseraele, o re ho bona: Sehlabelo sa ka le sejo sa ditjheso tsa ka tse nang le monko o monate ho nna, le bone hore le ntlhahisetse tsona ka nako ya tsona.


Jwale ba laola ka lotho; lotho ya ntsha Mathiase, a ba a kenngwa palong ya baapostola ba leshome le motso o mong.


Tsatsing leo, Joshua a ba bea hore e be ba rathang patsi, le ba kgang metsi a phutheho le a aletare ya Jehova setsheng seo a tla ikgethela sona; le kajeno ho sa le jwalo.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos