Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Nehemia 10:35 - Sesotho 1909/1961 (SO)

35 le ho tlisa tlung ya Jehova dilopotsiya tsa lefatshe la rona, le dilopotsiya tsohle tsa difate tsohle, ka selemo se seng le se seng,

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

35 “Ka selemo le selemo re tla tlisa ka Tempeleng ya Morena dilopotsiya tse tswang masimong a rona, le dilopotsiya tsa ditholwana tsa difate tsohle.

Ver Capítulo Copiar




Nehemia 10:35
13 Referencias Cruzadas  

ka lokisa le taba ya dinyehelo tsa dipatsi ka dinako tse beilweng, le ya dilopotsiya. Oho, Modimo wa ka, o nkgopole o tle o nketse hantle!


O tlo o tlise tlung ya Jehova, Modimo wa hao, dilopotsiya tsa tse bewang ke lefatshe la hao, tsa ho qala. O se ke wa apeha potsanyane ka lebese la mma yona.


O tla tlisa tlung ya Jehova, Modimo wa hao, dilopotsiya tsa dithakangwaha tsa masimo a hao. O se ke wa hladiya potsanyane ka lebese la mma yona.


Dilopotsiya tsa ditholwana tsa pele tsa ntho tsohle, le dikabelo tsohle tseo le di abelang Modimo, e tla ba tsa baprista; le tla nea baprista le hlama ya lona ya pele, hore le tlise lehlohonolo matlung a lona.


kapa ntho efe le efe eo a hlapantseng ka leshano hodima yona, o tla e busa kaofela ha yona, a eketse hodima yona bohlano bo bong, mme o tla e busetsa ho monga yona ka letsatsi leo ho fumanweng molato wa hae ka lona.


O tla tlisetsa Jehova sehlabelo sa hae sa molato, e leng pheleu e sa neng sekodi e kgethilweng mohlapeng, ka tekanyetso ya hao e le sehlabelo sa molato se tlisetswang moprista.


Ke o nea le dithakangwaha tseo ba tla di hlahisetsa Jehova; tsohle tsa ole e hlwekileng ka ho fetisa, le tsohle tsa veine le tsa koro tse fetisang ka monate.


Atametsa banabeno ho wena, ba leloko la Levi, ba leloko la ntatao, ba tle ba o kgomarele, mme ba o sebeletse mohla wena le bara ba hao le leng pela tente ya bopaki.


o tla nka dilopotsiya tsa tsohle tse behwang ke lefatshe, e leng tseo o di fumanang naheng eo Jehova, Modimo wa hao, a o fang yona o di bee serotong, o ye le tsona nqalong eo Jehova, Modimo wa hao a tla e kgetha, ho bea lebitso la hae ho yona.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos