Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Numere 15:8 - BIBELE

8 “ ‘Ha o nyehela ka pohwana e le nyehelo ya setjheso, kapa e le sehlabelo, kapa e le ya ho etsa kano, kapa e le nyehelo ya teboho e nyehellwang Morena;

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

8 Ha o hlahisa pohwana e be setjheso, kapa sehlabelo se phethang maikano, kapa sehlabelo sa teboho ho Jehova,

Ver Capítulo Copiar




Numere 15:8
10 Referencias Cruzadas  

“ ‘Haeba nyehelo ya hae ya setjheso e le kgomo e tswang mohlapeng wa hae hore e be setjheso, e be e tona, e se nang sepha. A e tlise monyakong wa Tente ya Morena, e le hore a tle a amohelehe ho Morena.


Empa dikahare tsa yona le ditlhako tsa yona a di hlatswe ka metsi; moprista a tjhesetse sehlabelo sohle aletareng, e be sehlabelo sa setjheso, se monko o monate, se amohelehang ho Morena.


Ha monna a etsetsa Morena nyehelo ya sehlabelo sa teboho, e le ya kano e kgethehileng, kapa e le nyehelo ya boithaopo, e be kgomo kapa nku e se nang sepha, hore e tle e amohelehe.


“ ‘Ha motho a nyehela ka sehlabelo sa teboho, se tswang mohlapeng wa hae wa dikgomo, ebang ke e tona kapa e tshehadi, o tla nyehella Morena ka yona e se na sepha.


Jwale bara ba Arone ba tla di tjhesetsa hodima aletare, e leng hodima patsi e tukang. Ke nyehelo ya setjheso se monko o monate, se amohelehang ho Morena.


haeba setjhaba se etsa phoso e se ka morero, setjhaba sohle se tla nyehela ka pohwana e le nyehelo ya setjheso, e monko o monate, e amohelehang ho Morena. Setjhaba se tla nyehela le ka nyehelo ya dijo e tsamayang le nyehelo ya pohwana, le ka nyehelo ya seno e tsamayang le yona, ho ya ka taelo. Le nyehele le ka phooko e le nngwe e le nyehelo e tlosang sebe.


Bakeng sa nyehelo ya seno o nyehele ka veine e etsang lethara e le nngwe le halofo, e be e monko o monate, e amohelehang ho Morena.


o tla nyehela ka nyehelo ya pohwana mmoho le nyehelo ya dijo. E be phofo e boima ba kilo tse tharo, e thumisehileng, e dubilweng ka lethara tse pedi tsa ole.


Ba nke pohwana le nyehelo ya yona ya phofo e thumisehileng, e dubilweng ka ole; ebe le wena o nka pohwana e nngwe ya nyehelo e tlosang sebe.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos