1 Samuele 1:24 - BIBELE24 Ha Anna a se a kgwesitse Samuele, a nyoloha le yena a kganna dipohwana tse tharo, a nkile phofo e thumisehileng, e boima ba dikilo tse leshome, le lekuka la veine, a mo isa ka tlung ya Morena e Shilo. Moshanyana eo o ne a sa le monyenyane. Ver CapítuloSesotho 1909/1961 (SO)24 Eitse hobane a qete ho mo kgwesa, ba ya le yena ka kgomo tse tharo, le efa e nngwe ya phofo, le lekuka la veine, mme a mo tlisa tlung ya Jehova, Silo, ngwana a sa le monyenyane. Ver Capítulo |
Sebaka seo Morena Modimo wa lona, a tla se kgetha e le moo a tla dula teng, ke ho sona le tlang ho isa tsohle tseo ke le laetseng tsona: dinyehelo tsa lona tsa setjheso, le mahlabelo a lona, le karolo e le nngwe ho tse leshome tsa motho ka mong, le dinyehelo tsa lona tse akgotswang, le dikano tsa lona tse kgethehileng, tseo le di etseditseng Morena.