Biblia Todo Logo
La Biblia Online

- Anuncios -




Numere 28:14 - BIBELE

14 Dinyehelo tsa dino tse tsamayang le tsona e tla ba dilethara tse pedi tsa veine bakeng sa pohwana e nngwe le e nngwe, le lethara e le nngwe le halofo bakeng sa pheleu e nngwe le e nngwe, le lethara e le nngwe bakeng sa konyana e nngwe le e nngwe. Ena ke nyehelo ya setjheso ya kgwedi e nngwe le e nngwe ya dikgwedi tsa selemo.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

14 Ditshelo e tla ba halofo ya hine ka pohwana; le karolo ya boraro ya hine ka pheleu; le karolo ya bone ya hine ka konyana. Ke sona setjheso sa qalo ya kgwedi, sa kgwedi e nngwe le e nngwe, sa dikgwedi tsohle tsa selemo.

Ver Capítulo Copiar




Numere 28:14
11 Referencias Cruzadas  

Kamora moo ba nna ba etsa le dinyehelo tsa setjheso tse tlwaelehileng tsa mokete wa ho thwasa ha kgwedi, le tsa mekete yohle e beilweng ke Morena, e kgethehileng, le tsa dimpho tsa boithaopo tsa motho ka mong.


Kgaotsang ho ntlisetsa nyehelo tse se nang thuso; mekubetso ya lona ke manyala ho nna, mekete ya ho thwasa ha kgwedi le ya Disabatha, le phutheho tse halalelang tseo le di memang, tsena ke bokgopo, nke ke ka di mamella.


Ba etsetsang dinyehelo dibakeng tsa borapedi, le ba tjhesetsang medimo ya bona mokubetso, ke tla ba thibela ho etsa jwalo naheng ya Moabe,” ho rialo Morena.


“ ‘Ka letsatsi la Sabatha nyehelo ya setjheso eo kgosana e tla e etsetsa Morena, e tla ba dikonyana tse tsheletseng tse se nang sepha, le pheleu e se nang sepha.


Lona baprista, aparang tse mahwashe, le lle! Lona basebeletsi ba aletare, bokollang! Tloong, le lale le apere, le apere tse mahwashe, lona basebeletsi ba Modimo wa ka, hoba nyehelo ya dijo le ya dino e fedisitswe ka Tempeleng, ka Tempeleng ya Modimo wa lona.


le veine e etsang lethara e le nngwe, e le nyehelo ya seno. Nyehelo ena o tla nyehela ka yona mmoho le nyehelo ya setjheso, kapa sehlabelo bakeng sa konyana e nngwe le e nngwe.


o tla nyehela ka nyehelo ya pohwana mmoho le nyehelo ya dijo. E be phofo e boima ba kilo tse tharo, e thumisehileng, e dubilweng ka lethara tse pedi tsa ole.


Le ka kilo e le nngwe ya phofo e thumisehileng, e dubilweng ka ole, bakeng sa konyana e nngwe le e nngwe e le nyehelo ya setjheso e monko o monate, e amohelehang ho Morena.


Ho tla nyehellwa Morena ka phooko ya nyehelo e tlosang sebe, mme ho nyehelwa ka tsona e le tse eketsang nyehelo ya kamehla ya setjheso, le nyehelo ya seno e tsamayang le yona.’ ”


Nyehelo ya seno e tsamayang le konyana ya pele e tla ba lethara e le nngwe ya veine e bohale, tseo o tla di qhatsetsa Morena ka Sehalalelong.


Nyehelo ya dijo le dinyehelo tsa seno tse tsamayang le dipohwana, le dipheleu, le dikonyana, e tla lekana le palo ya tsona, ho ya ka taelo.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos