Wena o tla bua le Faro, o re Morena o bua tjena, o re: ‘Iseraele ke mora wa ka wa letsibolo.
Mattheu 2:15 - BIBELE mme a hlola teng ho fihlela Heroda a eshwa; e le hore ho tle ho phethahale ho boletsweng ke Morena ka moporofeta, ha a re: “Ke bitsitse mora wa ka hore a tswe Egepeta.” Sesotho 1909/1961 (SO) A dula teng, Heroda a ba a shwa, ho tle ho etsahale ho boletsweng ke Morena ka moporofeta ya itseng: Ke latile mora wa ka Egepeta. Baasraak Sotho NT A dula teng ho fihlela Heroda a shwa, hore ho tle ho etsahale ho boletsweng ke Morena ka moporofeta, a re: Ke bitsitse mora wa ka Egepeta. Contemporary Southern Sotho Bible 2024 A dula teng ho fihlela Heroda a shwa, hore ho tle ho etsahale ho boletsweng ke Morena ka moporofeta, a re: Ke bitsitse mora wa ka Egepeta. |
Wena o tla bua le Faro, o re Morena o bua tjena, o re: ‘Iseraele ke mora wa ka wa letsibolo.
“Modimo ya mo ntshitseng Egepeta, o matla jwaloka nare. O tla hlola ditjhaba, e leng dira tsa hae, a bjabjaretse masapo a tsona, a ba bolaye ka metsu ya diqha tsa hae.
Jwale tsena tsohle di etsahetse hore ho tle ho phethahale ho boletsweng ke Morena ka moporofeta, ha a re:
a ya aha motseng o bitswang Nasaretha, e le hore ho tle ho phethahale ho boletsweng ke baporofeta hore o tla bitswa Monasaretha.
Hona ho ile ha etsahala hore ho tle ho phethahale se boletsweng ke moporofeta, ha a re:
Empa hona hohle ho etsahetse hore se ngotsweng ke baporofeta se phethahale.” Jwale barutuwa bohle ba mo siya, ba baleha.
hore ho tle ho phethahale ho boletsweng ke moporofeta Esaya, ha a re: “O ipelesitse mahloko a rona, a inkela malwetse a rona.”
Jwale a re ho bona: “Ke wona mantswe a ka, ao ke ileng ka le bolella wona ha ke sa na le lona, hore eka kgona ho phethahale tsohle tse ngotsweng Molaong wa Moshe, le Baporofeteng, le Dipesalemeng ka nna.”
Kamora tsena Jesu, ka ho tseba hore jwale tsohle di phethahetse, a re: “Ke nyorilwe,” e le hore Mangolo a phethahale.
Tsena di etsahetse hore ho tle ho phethahale temana ya Mangolo e reng: “Ha ho lesapo la hae le tla rojwa.”
“Banna ba heso, e ne eka kgona ho phethahale Mangolo a neng a bolelwe e sa le pele ke Moya o Halalelang, ka molomo wa Davida, ha a ne a bua ka Judase ya neng a etelle pele ba neng ba tshware Jesu.