Mattheu 21 - BIBELEJesu o kena Jerusalema ( Mar. 11:1-11 ; Luka 19:28-40 ; Joh. 12:12-19 ) 1 Ha ba atamela Jerusalema, mme ba fihla Bethefage, Thabeng ya Mehlwaare, Jesu a roma barutuwa ba babedi, 2 a re ho bona: “Eyang motseng o kapele ho lona, mme le tla fumana tonki e holehilweng, e nang le petsana. Le di lokolle, le di tlise mona ho nna, 3 mme ha motho a ka le botsa ho hong, le re ho yena: ‘Morena o a di hloka,’ mme o tla di lokolla hanghang.” 4 Hona ho ile ha etsahala hore ho tle ho phethahale se boletsweng ke moporofeta, ha a re: 5 “Bolellang moradi wa Sione: Bona! Kgosi ya hao e tla ho wena e ikokobeditse, e palame tonki, e palame petsana ya tonki.” 6 Yaba barutuwa ba a ya, mme ba etsa kamoo Jesu a ba laetseng kateng. 7 Ba tlisa tonki le petsana ya yona, ba ala diaparo tsa bona hodima tsona, mme a palama. 8 Letshwelehadi la batho la ala diaparo tsa lona tseleng, mme ba bang ba lona ba rema makala difateng, ba a ala ka tseleng. 9 Matshwele a neng a mo eteletse pele, le a neng a etla kamorao a howa, a re: “Hosanna ho Mora wa Davida! Ho bokwe ya tlang ka lebitso la Morena! Hosanna mahodimong a hodimodimo!” 10 Ha Jesu a kena Jerusalema, motse wohle wa hlokoleha. Batho ba botsa, ba re: “Eo ke mang?” 11 Matshwele a re: “Enwa ke moporofeta Jesu, ya tswang Nasaretha e Galelea.” Jesu o hlwekisa Tempele ( Mar. 11:15-19 ; Luka 19:45-48 ; Joh. 2:13-22 ) 12 Jesu a kena ka Tempeleng, a phahla bohle ba neng ba reka, ba rekisetsa ka ho yona; a phethola ditafole tsa baananyi ba ditjhelete le ditulo tsa ba rekisang maeba. 13 A re ho bona: “Ho ngotswe, ho thwe: “ ‘Ntlo ya ka e tla bitswa ntlo ya thapelo,’ empa lona le e etsa ‘lehaha la dinokwane.’ ” 14 Jwale difofu le diritsa tsa tla ho yena ka Tempeleng, mme a di fodisa. 15 Ha baprista ba baholo le Ditsebi tsa Molao ba bona tse hlollang tseo a di entseng, le bana ba howang ka Tempeleng, ba re: “Hosanna ho Mora wa Davida!” ba halefa haholo. 16 Ba re ho yena: “Na o ntso utlwa seo ba se bolelang?” Jesu a re ho bona: “E, ke a utlwa. Na ha le eso bale moo ho thweng: ‘O itokiseditse thoko ka melomo ya bana le ya masea?’ ” 17 Yaba o tloha ho bona, o tswela kantle ho motse, o ya Bethania, mme a robaletsa teng. Jesu o rohaka sefate sa feiye ( Mar. 11:12-14 , 20-24 ) 18 Jesu ha a kgutlela motseng, e sa le hoseng, a ikutlwa a lapile. 19 A bona sefate sa feiye kathoko ho tsela, a ya ho sona, a mpa a fumana se se na letho, haese mahlaku feela. A re ho sona: “O se hlole o beha ditholwana le ka mohla!” Sefate sa omella hanghang. 20 Barutuwa ha ba se bona ba makala haholo, ba re: “Sefate see sa feiye se omeletse hanghang ka mokgwa o jwang?” 21 Jesu a ba araba, a re: “Ruri ke a le bolella hore haeba le ena le tumelo, le sa belaele, ha le na ho etsa feela se entsweng sefateng sa feiye, empa leha le ka re ho thaba ena: ‘Sutha, o yo wela lewatleng,’ hoo ho tla etsahala, 22 mme tsohle tseo le di kopang ka thapelo, le dumela, le tla di fumana.” Kgang hodima matla a Jesu ( Mar. 11:27-33 ; Luka 20:1-8 ) 23 Hoba Jesu a kene ka Tempeleng, baprista ba baholo le baholo ba setjhaba ba tla ho yena a ntse a ruta, ba re: “Ke ka matla afe o etsang tsee? Matla aa o a neilwe ke mang?” 24 Jesu a ba araba, a re: “Le nna ke tla le botsa potso e le nngwe. Ha le ka mpolella seo ke se botsang, le nna ke tla le bolella hore na ke ka matla afe ke etsang dintho tsena. 25 Kolobetso ya Johanne e ne e etswa kae: Lehodimong kapa bathong?” Ba buisana ba le bang, ba re: “Ha re ka re, e ne e etswa lehodimong, o tla re ho rona, na ke ka baka lang re sa kang ra mo dumela. 26 Empa ha re ka re e ne e etswa bathong, re tshaba letshwele lena, hobane bohle ba tadima Johanne e le moporofeta.” 27 Ba araba Jesu, ba re: “Ha re tsebe.” A re ho bona: “Le nna ha ke le bolelle hore na ke ka matla afe ke etsang tsena.” Setshwantsho sa bara ba babedi 28 “Le reng na? Monna e mong o ne a ena le bara ba babedi. A ya ho wa pele, a re: ‘Mora ka, tsamaya o yo sebetsa tshimong ya morara, kajeno!’ 29 “A araba, a re: ‘Ke a hana!’ Empa hamorao a ikwahlaya, a ya. 30 “A ya ho wa bobedi, a bua jwaloka ho wa pele. Yena a araba, a re: ‘E, ntate, ke tla ya,’ empa a se ke a ya. 31 “Ke ofe ho bao ba babedi ya entseng thato ya ntatae?” Ba re: “Ke wa pele.” Jesu a re ho bona: “Ruri ke a le bolella: Balekgetho le diotswa ba tla kena Mmusong wa Modimo pele ho lona. 32 Johanne o tlile ho lona ka tsela ya ho loka, mme ha le a ka la mo dumela, empa balekgetho le diotswa ba ile ba mo dumela. Feela leha le bone, ha le a ka la ikwahlaya hamorao, la mo dumela.” Setshwantsho sa balemi tshimong ya morara ( Mar. 12:1-12 ; Luka 20:9-19 ) 33 “Mamelang setshwantsho se seng hape: Ho ne ho ena le monga tshimo ya ileng a lema tshimo ya morara, a e teela hare ka lerako, a tjheka setlhotlelo hara yona, a ba a haha le kalana ya molebedi. A e nea balemi ho e lema seahlolo, yaba o a eta. 34 Yare ha nako ya kotulo e atametse, a romela bahlanka ba hae ho balemi ho ya bokella seabo sa hae sa kotulo. 35 “Balemi ba tshwara bahlanka ba hae; ba kgakgatha e mong, ba bolaya e mong, mme ba tlepetsa e mong ka majwe. 36 A boela a romela bahlanka ba bang hape, ba bangata ho feta ba pele, mme le bona ba nna ba etswa jwalo. 37 Qetellong a romela mora wa hae, a re: ‘Ba tla hlompha mora wa ka.’ 38 “Empa ha balemi ba bona mora, ba buisana, ba re: ‘Enwa ke mojalefa; a re mmolayeng, re tle re je lefa la hae!’ 39 Ba mo tshwara, ba mo kgarameletsa kantle ho tshimo, mme ba mmolaya. 40 “Jwale ekaba mohla monga tshimo a tlang, balemi baa o tla ba etsa jwang?” 41 Ba re ho yena: “Batho bao ba kgopo o tla ba timetsa hampe, tshimo a e nee balemi ba bang ho e lema seahlolo, ba tla mo nea seabo sa kotulo ka nako ya sona.” 42 Jesu a re ho bona: “Na ha le eso bale Mangolong a halalelang, moo ho thweng: “ ‘Lejwe le lahlilweng ke dihahi le fetohile lejwe la mantlha; ke Morena ya entseng hona, mme mahlong a rona ke mohlolo’? 43 “Ka baka leo, ke a le bolella, ke re, le tla amohuwa Mmuso wa Modimo, mme o tla newa setjhaba se behang ditholwana tsa wona. 44 Mang kapa mang ya welang hodima lejwe lena o tla tamukana, mme le tla silakanya eo le mo welang hodimo.” 45 Baprista ba baholo le Bafarisi ha ba utlwa ditshwantsho tsa hae, ba elellwa hore o bua ka bona. 46 Ba ne ba batla ho mo tshwara, ba mpa ba tshaba matshwele, hobane a ne a tadima Jesu e le moporofeta. |
© Bible Society of South Africa 1989. Used by permission. All rights reserved.
Bible Society of South Africa