Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Mattheu 27:35 - BIBELE

35 Yare hoba ba mo thakgise, ba arolelana diaparo tsa hae ka lotho,

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

35 Yare hobane ba mo thakgise, ba arolelana diaparo tsa hae, ba di laola ka lotho; hore ho etsahale ho boletsweng ke moporofeta, ha a re: Ba arolelane diaparo tsa ka, mme ba laotse kobo ya ka ka lotho.

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

35 Yaba ba mo thakgisa, ba arolelana diaparo tsa hae ka lotho, hore ho tle ho etsahale ho boletsweng ke moporofeta, ha a re: Ba arolelane diaparo tsa ka, mme seaparo sa ka ba se laola ka lotho.

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

35 Yaba ba mo thakgisa, ba arolelana diaparo tsa hae ka lotho, hore ho tle ho etsahale ho boletsweng ke moporofeta, ha a re: Ba arolelane diaparo tsa ka, mme seaparo sa ka ba se laola ka lotho.

Ver Capítulo Copiar




Mattheu 27:35
10 Referencias Cruzadas  

mmetso wa ka o omeletse jwaloka lengetana, leleme la ka le kgomaretse mahalapeng a ka. O nthobaditse leroleng la lefu.


Nka bala masapo a ka kaofela. Batho ba ntjhebile, ba mmakaletse;


Jesu a re: “Ntate, ba tshwarele, hobane ha ba tsebe seo ba se etsang.” Jwale ba arolelana diaparo tsa hae ka lotho.


Hoba a rialo, a ba bontsha matsoho a hae le lehlakore. Barutuwa ba thaba ha ba bona Morena.


Barutuwa ba bang ba re ho yena: “Re bone Morena.” Empa a re ho bona: “Ha ke sa bone maqeba a dithakgisa matsohong a hae, ka kenya monwana wa ka masobeng a dithakgisa, mme ka kenya letsoho la ka lehlakoreng la hae, ha nka ke ka dumela.”


Yaba o re ho Thomase: “Tlisa monwana wa hao mona, o bone matsoho a ka; o tlise le letsoho la hao, o le kenye lehlakoreng la ka, mme o se ke wa hloka tumelo, o mpe o be le tumelo.”


Ke yena ya neetsweng lefu ka thato le tsebo ya Modimo, mme lona le mo thakgisitse ka matsoho a banna ba kgopo, la mmolaya.


ho ke ho tsejwe ke lona bohle, le ke setjhaba sohle sa Iseraele, hore ke ka lebitso la Jesu Kreste wa Nasaretha, eo lona le mo thakgisitseng, eo Modimo a mo tsositseng bafung. Ke ka lebitso lena monna enwa a emeng kapele ho lona, a fodile.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos