Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Mattheu 8:17 - BIBELE

17 hore ho tle ho phethahale ho boletsweng ke moporofeta Esaya, ha a re: “O ipelesitse mahloko a rona, a inkela malwetse a rona.”

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

17 hore ho etsahale ho boletsweng ke moporofeta Esaia, ha a re: O inketse mefokolo ya rona, o ipelesitse malwetse a rona.

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

17 e le hore ho tle ho etsahale ho boletsweng ke moporofeta Esaia, ha a re: O nkile mefokolo ya rona, mme a jere malwetse a rona.

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

17 e le hore ho tle ho etsahale ho boletsweng ke moporofeta Esaia, ha a re: O nkile mefokolo ya rona, mme a jere malwetse a rona.

Ver Capítulo Copiar




Mattheu 8:17
9 Referencias Cruzadas  

Yaba Aborahama o nka patsi ya setjheso, o e jarisa mora wa hae Isaka; yena a nka mollo le thipa, ba tsamaya mmoho ba babedi.


Ruri o ipelesitse mahloko a rona, malwetse a rona le wona a inkela wona, empa rona ra hopola e le ya otlwang, ya shapuwang, le ho hlokofatswa ke Modimo.


Jwale tsena tsohle di etsahetse hore ho tle ho phethahale ho boletsweng ke Morena ka moporofeta, ha a re:


mme a hlola teng ho fihlela Heroda a eshwa; e le hore ho tle ho phethahale ho boletsweng ke Morena ka moporofeta, ha a re: “Ke bitsitse mora wa ka hore a tswe Egepeta.”


a ya aha motseng o bitswang Nasaretha, e le hore ho tle ho phethahale ho boletsweng ke baporofeta hore o tla bitswa Monasaretha.


Mantsiboya, ha letsatsi le se le diketse, ha tliswa ho yena bohle ba kulang, le ba nang le bademona,


Ha letsatsi le dikela, bohle ba nang le ba kulang ke malwetse a mefutafuta ba ba tlisa ho Jesu; a bea matsoho hodima e mong le e mong wa bona, mme a ba fodisa.


Ka baka leo, ke thabela bofokodi, mahlapa, ditsietsi, ditlhoriso, le mahlomola, ka baka la Kreste, hobane ha ke fokola, eba ke hona ha ke le matla.


Yena, ka mmele wa hae, o ile a isa dibe tsa rona sefapanong, hore re tle re shwe ka nqeng ya sebe, mme re phele ka nqeng ya ho loka. Ke yena eo le fodisitsweng ke maqeba a hae.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos