Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Mattheu 8:16 - BIBELE

16 Mantsiboya ha tliswa ho Jesu ba bangata ba nang le bademona; yaba o leleka meya eo ka lentswe feela, a fodisa bakudi bohle,

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

16 Yare mantsiboya, ha tliswa ho yena ba bangata ba nang le batemona, a leleka meya ho bona ka polelo feela; a fodisa bohle ba seng monate;

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

16 Eitse ha e se e le mantsiboya, ha tliswa ho yena ba bangata ba nang le batemona;

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

16 Eitse ha e se e le mantsiboya, ha tliswa ho yena ba bangata ba nang le batemona;

Ver Capítulo Copiar




Mattheu 8:16
17 Referencias Cruzadas  

mme a re: “Haeba le hlile le mamela lentswe la Morena Modimo wa lona, mme le etsa ho lokileng mahlong a hae; le sekehela ditaelo tsa hae tsebe, le boloka melao yohle ya hae, nke ke ka le otla ka mafu wohle ao ke ileng ka otla Baegepeta ka wona, hobane ke nna Morena, Mofodisi wa hao.”


Yaba ho tliswa ho Jesu monna ya nang le modemona, e le sefofu se semumu. A mo fodisa, mme sefofu se semumu sa bua, sa bona.


Ha Jesu a etswa sekepeng, a bona letshwelehadi, a utlwela batho bohloko, mme a fodisa bakudi ba bona.


Jesu a mo ama letsohong, mme feberu ya mo tlohela; a tsoha, a sebeletsa Jesu.


Badisa ba tsona ba baleha, ba ya beha taba tsohle motseng, le tsa ba neng ba ena le bademona.


Batho ba mo tlisetsa monna ya shweleng ditho, ba mo nkile ka diphate. Ha Jesu a bona tumelo ya bona, a re ho ya shweleng ditho: “Ngwana ka, beta pelo, o tshwaretswe dibe tsa hao.”


Ba mo tlisetsa motho ya shweleng ditho, a nkilwe ke banna ba bane,


Jesu o ne a itse ho yena: “Tswa mothong eo, wena moya o ditshila!”


Ha Jesu a bona hore letshwele le mathela ho yena, a kgalemela moya o ditshila ka matla, a re ho wona: “Moya o semumu, o tsebetutu, ke a o laela, tswa ho yena, mme o se ke wa hlola o kena ho yena hape!”


Yare ha Jesu a mmona, a mmitsa, a re ho yena: “Mosadi, o fodisitswe kgolofalong ya hao,”


Ha letsatsi le dikela, bohle ba nang le ba kulang ke malwetse a mefutafuta ba ba tlisa ho Jesu; a bea matsoho hodima e mong le e mong wa bona, mme a ba fodisa.


Le bademona ba ne ba etswa ho ba bangata, ba ntse ba howa, ba re: “O Mora wa Modimo!” Empa a ba kgalemela, a se ke a ba dumella ho bua, kaha ba ne ba tseba hore ke Kreste.


Batho ba ne ba tlisa bakudi ditseleng, ba ba beile dibetheng, le diphateng, e le hore ha Petrose a feta, seriti sa hae bonyane se mpe se sire ba bang ba bona.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos