Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Mattheu 8:15 - BIBELE

15 Jesu a mo ama letsohong, mme feberu ya mo tlohela; a tsoha, a sebeletsa Jesu.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

15 Yare ha a mo amile letsoho, febere ya mo tlohela, mme a tsoha, a mo sebeletsa.

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

15 Yaba o ama letsoho la hae, mme feberu ya mo tlohela, mme a tsoha, a ba sebeletsa.

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

15 Yaba o ama letsoho la hae, mme feberu ya mo tlohela, mme a tsoha, a ba sebeletsa.

Ver Capítulo Copiar




Mattheu 8:15
15 Referencias Cruzadas  

Ka tsatsi le leng, batho ba ne ba epela setopo, mme ba bona lebothwana la bahlabani. Ba akgela setopo ka lebitleng la Elisha, ba baleha. Ha setopo se thetsa masapo a Elisha, sa tsoha, motho eo a ema ka maoto a hae.


Sa ama molomo wa ka ka lona, sa re: “Leshala lena le amme molomo wa hao! Molato wa hao o tlositswe, mme o tshwaretswe sebe sa hao.”


Ba mo kopa hore a ba dumelle ho ama feela qola ya seaparo sa hae mme bohle ba e amileng ba fola.


Jesu a di utlwela bohloko, a ama mahlo a tsona; hanghang tsa bona, mme tsa mo latela.


Ha Jesu a fihla ha Petrose, a bona mohwehadi wa Petrose a le diphateng, a tshwerwe ke feberu.


Mantsiboya ha tliswa ho Jesu ba bangata ba nang le bademona; yaba o leleka meya eo ka lentswe feela, a fodisa bakudi bohle,


Jesu a otlolla letsoho, a mo ama, a re: “Ke a rata, hlweka!” Hanghang lepera la hae la hlwekiswa, a fola.


Yaba mosadi, eo e neng e se e le dilemo tse leshome le metso e mmedi lehatlelo la hae le sa kgaotse, o hlaha Jesu kamorao, o ama qola ya seaparo sa hae,


Yaba o ama mahlo a tsona, o re: “Le etsetswe ho ya ka tumelo ya lona!”


Yaba ba tswa ka tlung ya thapelo, ba kena ka tlung ya bo-Simone le Andrease ba ena le Jakobo le Johanne.


Jesu a mo utlwela bohloko, a otlolla letsoho, a mo ama, a re ho yena: “Ke a rata; hlweka!”


Empa a mo tshwara ka letsoho, a mmitsa, a re: “Ngwanana, tsoha!”


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos