Mattheu 8 - Baasraak Sotho NTMattheu 8 1 Ha a theoha thabeng, matshwele a maholo a mo latela. 2 Mme bonang, ha tla molepera, a kgumama, a re: Morena, ha o rata, o ka ntlhwekisa. 3 Jesu a otlolla letsoho, a mo ama, a re: Ke a rata; o hlweke. Mme lepera la hae hanghang la ntlafala. 4 Jesu a re ho yena: Bona, o se ke wa bolella motho; o mpe o tsamaye, o ipontshe ho moprista, mme o hlahise neo e laetsweng ke Moshe, e tle e be bopaki ho bona. 5 Eitse ha Jesu a kena Kapernauma, ha tla ho yena molaodi wa lekgolo, a mo rapela. 6 A re: Morena, mohlanka wa ka o robetse hae, o shwele ditho, a hlokofaditswe haholo. 7 Jesu a re ho yena: Ke tla tla, ke mo fodise. 8 Molaodi wa lekgolo a araba, a re: Morena, ha ke a tshwanela hore o kene tlasa marulelo a ka; 9 Hobane nna, ke motho ya taolong, ke na le bahlabani ba katlasa ka; le ho e mong, Tloo, a tle; le ho mohlanka wa ka, Etsa sena, mme o a se etsa. 10 Jesu ha a utlwa, a hlollwa, a re ho ba mo latelang: Kannete ke a le bolella, ha ke eso ho bone tumelo e kalo, leha e le Iseraeleng. 11 Ke re ho lona: Ba bangata ba tla tswa botjhabela le bophirimela, ba dule le Abrahama, le Isaaka, le Jakobo, mmusong wa mahodimo. 12 Empa bana ba mmuso ba tla lahlelwa lefifing le kantle; teng ho tla ba dillo le ditsikitlano tsa meno. 13 Jesu a re ho molaodi wa lekgolo: “Tsamaya; mme ho etswe ho wena kamoo o dumetseng kateng. Mme mohlanka wa hae a fola ka yona nako eo. 14 Jesu ha a fihla tlung ya Petrose, a bona mohwehadi wa hae a robetse, a tshwerwe ke feberu. 15 Yaba o ama letsoho la hae, mme feberu ya mo tlohela, mme a tsoha, a ba sebeletsa. 16 Eitse ha e se e le mantsiboya, ha tliswa ho yena ba bangata ba nang le batemona; 17 e le hore ho tle ho etsahale ho boletsweng ke moporofeta Esaia, ha a re: O nkile mefokolo ya rona, mme a jere malwetse a rona. 18 Yare ha Jesu a bona matshwele a maholo a mo teetse hare, a laela hore ba tshelele mose wane. 19 Mongodi e mong a tla, a re ho yena: Moruti, ke tla o latela hohle moo o yang teng. 20 Jesu a re ho yena: Diphokojwe di na le mesima, le dinonyana tsa lehodimo di na le dihlaha; empa Mora motho ha a na moo a ka samelang hlooho teng. 21 E mong wa barutuwa ba hae a re ho yena: Morena, ntumelle hore ke ye ho pata ntate pele. 22 Jesu a re ho yena: Ntatele; mme o lese bafu ba epele bafu ba bona. 23 Eitse hobane a kene sekepeng, barutuwa ba hae ba mo latela. 24 Mme bonang, ha tsoha sefefo se seholo lewatleng, hoo sekepana se ileng sa aparelwa ke maqhubu a lewatle, empa yena o ne a robetse. 25 Barutuwa ba hae ba tla ho yena, ba mo tsosa, ba re: Morena, re pholose! 26 A re ho bona: Lona ba tumelo e nyenyane, le tshohile keng? Yaba o a tsoha, a kgalemela meya le lewatle; mme ha eba le kgutso e kgolo. 27 Empa banna bao ba makala, ba re: Enwa ke motho wa jwang eo le meya le lewatle di mo utlwang? 28 Eitse ha a fihla mose wane, naheng ya Bagadara, a kgahlana le ba babedi ba nang le batemona, ba etswa mabitleng, ba le bohale bo feteletseng, hoo ho neng ho se motho ya fetang ka tsela eo. 29 Mme bonang, ba howa, ba re: Re na le taba efe le wena, Mora Modimo? A o tlile kwano ho tla re hlokofatsa pele ho nako? 30 Ho ne hole le bona mohlape wa dikolobe tse ngata o fula. 31 Yaba batemona ba mo rapela, ba re: Ha o ka re leleka, re dumelle hore re ye mohlapeng wa dikolobe. 32 A re ho bona: Eyang. Yare ha di etswa, tsa kena mohlapeng wa dikolobe, mme, bonang, mohlape wohle wa dikolobe wa mathela moepa lewatleng, wa shwela metsing. 33 Badisa ba baleha, ba ya motseng, ba bolela tsohle, le tse hlahetseng ba neng ba ena le batemona. 34 Mme bonang, motse wohle wa tswa ho ya kgahlanyetsa Jesu; |
Copyright of City Bible Foundation in cooperation with Baasraak Bible Translation from Baasraak Media © 2023.
City Bible Foundation