Kaha o bile ntho ya bohlokwa, o hlompheha mahlong a ka, hobane ke o rata, ke tla fana ka batho bakeng sa hao, ke fane ka ditjhaba bakeng sa bophelo ba hao.
“Tsamaya o yo howeletsa hore baahi ba Jerusalema ba utlwe, o re Morena o bua tjena: “ ‘Ke hopola ho nkgomarela ha hao botjheng ba hao, kamoo o nthatileng kateng o sa le monyaduwa, wa ntshala morao lehwatateng, naheng eo ho sa jalwang, ho sa jalwang letho ho yona.
Ha o ntse o etsa manyala ana a hao le bootswa bona ba hao, ha o a ka wa hopola matsatsi a botjha ba hao, ha o ne o tsotse, o le feela, o le ditshila ke madi a hao.’ ”
“ ‘Yare ha ke feta pela hao, ka o bona o le ditshila ke madi a hao. Ka bua le wena o ntso le madi jwalo, ka re: “Phela!” E, ka rialo ho wena o ntso le madi, ka re: “Phela!”
Le wena Bethele, ho tla ba tjena ho wena, ka baka la bokgopo bo boholo ba hao. Ha mafube a meso a hlaha ka botjhabela, kgosi ya Iseraele e tla ripitlelwa ruri!”
Empa Morena o re: “Ke nna Morena Modimo wa hao, ho tloha ha o ne o le naheng ya Egepeta; ke tla etsa hore o boele o phele ditenteng, o phele teng sa mohla mekete e halalelang.
Empa Morena o re: “Ke nna Morena Modimo wa hao, ho tloha ha o le naheng, naheng ya Egepeta. Ha o a ka wa ba le Modimo e mong kantle ho nna, hobane ha ho Mopholosi e mong kantle ho nna.
Moo teng ke tla mmuseletsa, ke mmuseletse dirapa tsa morara, kgohlo ya Akore ke e etse monyako wa tshepo. Teng o tla tsanyaola, a tsanyaole sa botjheng ba hae, sa mohla a neng a nyoloha Egepeta.
“Ke a le rata,” ho rialo Morena. “Empa lona le a mpotsa, le re: ‘O re bontshitse jwang hore o a re rata?’ “Na Esau e ne e se ngwanabo Jakobo?” ho rialo Morena. “Leha ho le jwalo ke ile ka rata Jakobo,
mme a hlola teng ho fihlela Heroda a eshwa; e le hore ho tle ho phethahale ho boletsweng ke Morena ka moporofeta, ha a re: “Ke bitsitse mora wa ka hore a tswe Egepeta.”
Hase hobane le le bangata ho feta ditjhaba tsohle, Morena a ileng a le rata, mme a le kgetha, hobane ka palo le setjhaba se senyenyane ho feta ditjhaba tsohle.