Na tjhaba se teng se kileng sa fetola medimo ya sona, le hoja medimo eo e ne le ya bohata? Empa tjhaba sa ka se anantse nna, nna Tlotla ya sona, sa nkananya ka medimo e se na thuso.
Ke kahobane Solomone o mphuraletse. O kgumametse Asetarote, modimo wa Basidone, le Kemoshe, modimo wa Bamoabe, le Milekome, modimo wa Baamone. Ha a ya tsamaya ka ditsela tsa ka, ha a ya etsa ho lokileng mahlong a ka, mme ha a ya boloka ditaelo tsa ka le dikahlolo tsa ka, jwalokaha Davida, ntatae, yena a ile a di boloka.
Empa lengeloi la Morena la laela moporofeta Elia wa Tishebe, la re: “Ema, nyoloha, o yo kgahlanyetsa maqosa a kgosi ya Samaria. O fihle o a botse, o re: ‘Na Modimo ha a yo moo naheng ya Iseraele, ha e le moo le ilo disetsa ho Baale-Sebube, modimo wa Ekerone?
Na hase lona ba lelekileng baprista ba Morena, e leng bara ba Arone, le Balevi, mme la itlhomamisetsa baprista, ho latela mekgwa ya ditjhaba tsa dinaha tse ding? E mong le e mong ya tlang a qhoba pohwana le dipheleu tse supileng, le mo etsa moprista wa medimo eo ya bohata.
di tjhesitse medimo ya ditjhaba tseo, hobane e ne e se medimo; e ne e le medimo eo batho ba iketseditseng yona ka lehong le ka majwe, ke kahoo e timeditsweng.
Ka baka leo, Morena o bua tjena: “Lona botsisisang hara baditjhaba: Ya kileng a utlwa tse kang tsee ke mang? Morwetsana wa Iseraele o entse ntho e tshabehang haholo!
Baprista ha ba a ka ba re: ‘O kae Morena?’ Ditsebi tsa Molao ha di a hlola di sa ntseba, babusi ba setjhaba le bona ba mphetohela; baporofeta ba porofeta ka lebitso la Baale, ba latela medimo e ke ke ya ba thusa.”
“Nka o tshwarela tsee ka baka lang? Bana ba hao ba mphuraletse, ba hlapanya ka medimo eo e seng medimo. Hoba ke ba fepe, ba je sa mpanaphatloha, ba ile ba ikabela ho etsa bofebe, ba hlolokana matlung a diotswa.
Ka baka leo, Morena Modimo o re: “Wena Jerusalema, o mphetohetse ho feta ditjhaba tse o potapotileng, ha o a tsamaya ka melao ya ka, ha o a boloka ditaelo tsa ka, ha o a ya le ka melao ya ditjhaba tse o potapotileng.”
Ha ho le jwalo, tabeng ya ho ja tse hlabetsweng medimo ya bohata, re a tseba hore modimo wa bohata hase ntho e teng ho hang, le hore Modimo o mong feela.
Ba mphepheditse ka hoo e seng Modimo, ba nkgalefisa ka medimo ya mafeela; ke tla ba phephetsa ka bao e seng setjhaba, ke ba halefise ka tjhaba se hloka kelello.
O lehlohonolo hakaakang, wena Iseraele! Ke mang ya ka tshwanang le wena? Le setjhaba se pholositsweng ke Morena, ke thebe ya lona e le thusetsang, ke yena sabole ya tlotla ya lona. Dira tsa lona di tla ineela ho lona, lona le di hatakele hodimo.”
Tsebang hore hase ka dintho tse senyehang, tse kang kgauta le silefera, le ileng la lopollwa metsamaong ya lona ya bosawana, eo le e nkileng ho bo-ntata lona,
Mosadi eo a rea ngwana eo lebitso la Ikabode, a re: “Tlotla e tlohile ho Baiseraele,” hobane ho hapilwe areka ya Modimo, ho shwele matsalae le monna wa hae.