Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




1 Bakorinthe 8:4 - BIBELE

4 Ha ho le jwalo, tabeng ya ho ja tse hlabetsweng medimo ya bohata, re a tseba hore modimo wa bohata hase ntho e teng ho hang, le hore Modimo o mong feela.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

4 Jwale, ha e le ka ho ja dijo tse halbetsweng ditshwantsho, re a tseba hore setshwantsho hase letho lefatsheng, le hore ha ho Modimo o mong, haese o le mong feela.

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

4 Jwale malebana le ho jewa ha dintho tse hlabetsweng medimo ya bohata, re a tseba hore modingwana ha se letho lefatsheng, le hore ha ho Modimo o mong, haese o le mong feela.

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

4 Jwale malebana le ho jewa ha dintho tse hlabetsweng medimo ya bohata, re a tseba hore modingwana ha se letho lefatsheng, le hore ha ho Modimo o mong, haese o le mong feela.

Ver Capítulo Copiar




1 Bakorinthe 8:4
33 Referencias Cruzadas  

hobane o moholo, o etsa dimakatso, ke wena Modimo o inotshi.


“Oho, Morena ya matla wohle, Modimo wa Iseraele, wena eo terone ya hao e leng pakeng tsa dikerubime, ke wena o le mong feela o leng Modimo wa mebuso yohle ya lefatshe; ke wena ya entseng lehodimo le lefatshe.


Ka baka leo he, Morena Modimo wa rona, ke a o kopa: Ako re namolele matsohong a kgosi ya Asiria, hore mebuso yohle ya lefatshe e tle e tsebe hore ke wena Morena Modimo a le mong feela.”


Bonang, ho hang lona ha le letho, mesebetsi ya lona ke mafeelafeelane; ya ikgethelang lona ke manyala!


Morena, Molopolli wa hao, yena ya o entseng o sa le popelong, o bua tjena: “Ke nna Morena ya entseng dintho tsohle, ya adileng mahodimo ke le inotshi, ya phutholotseng lefatshe ke le inotshi.


“Morena, Kgosi ya Iseraele le Molopolli, Morena wa mabotho o bua tjena: ‘Ke nna wa pele le wa ho qetela, kantle ho nna ha ho na Modimo.


Morena o bua tjena: “Matlotlo a Egepeta le thepa ya kgwebo ya Kushe, le banna ba diqhobane ba naha ya Sheba, ba tla ineela ho wena e be ba hao; ba hulane kamora hao ba tlanngwe ka mahlaahlela. Ba tla o obamela, ba o rapele, ba re: ‘Ruri Modimo o na le wena, ha ho Modimo e mong ntle ho yena.’ ”


“Ke nna Morena, ha ho na e mong, kantle ho nna ha ho na Modimo. Ke tla o matlafatsa, le hoja o sa ntsebe,


Empa Morena ke Modimo wa nnete, ke Modimo ya phelang, Kgosi ya kamehla yohle. Ha a halefile fatshe lohle le a reketla, tjhaba di sitwa ho mamella kgalefo ya hae.


Batho bohle ha ba na tsebo, ba thotofetse, malala a kgauta a hlabiswa dihlong, a hlabiswa dihlong ke medingwana ya wona. Medingwana ena ya wona ke ya leshano, medingwana ena ya wona ha e phefumolohe.


Jesu a araba, a re: “Ya pele ke e reng: ‘Mamela Iseraele! Morena Modimo wa rona ke yena feela Morena,


ba re: “Banna, le etsetsang jwalo? Le rona re batho jwaloka lona. Re le bolella molaetsa o molemo, e le hore le furalle mafeela ana, le sokolohele ho Modimo ya phelang, ya entseng lehodimo, le lefatshe, le lewatle, le dintho tsohle tse ho tsona.


Ba mpe ba ngollwe hore ba ile tse silafaditsweng ke medimo ya bohata, le bohlola, le dintho tse fenethilweng, le madi,


Le a bona, mme le a utlwa hore Paulosi enwa o re medimo e entsweng ke batho hase medimo, mme o kgelositse letshwelehadi, e seng mona Efese feela, empa e batla e le Asia yohle.


Jwale ke kena tabeng ya tse hlabetsweng medimo ya bohata. Ke nnete hore rona re na le tsebo tabeng ena. Tsebo eo e ye e bake boikgohomoso, empa lerato le a hodisa.


Ha ya tumelo e fokolang a bona wena, ya nang le tsebo, o le dijong ka tempeleng ya modimo wa bohata, na hoo ho ke ke ha mo kgothaletsa ho ja tse hlabetsweng medimo ya bohata na?


Ka tsela ena ngwaneno ya fokolang eo Kreste a mo shwetseng, o tla timela ka baka la tsebo eo ya hao.


Nakong e fetileng, ka ho se tsebe Modimo, le ile la ba makgoba a tseo ka boleng ba tsona e seng medimo.


Modimo eo e leng Ntata rona bohle o mong, o okametse bohle, o sebetsa ka bohle, o kahara bohle.


‘Oho, Morena Modimo, o qadile ho bontsha mohlanka wa hao boholo ba hao, le matla a hao. Ke modimo ofe lehodimong kapa lefatsheng, ya ka etsang mesebetsi e tshwanang le ya hao, le diketso tse matla, tse tshwanang le tsa hao?


“ ‘Bona, ke nna eo e ntseng e le yena, ha ho Modimo e mong. Ke a timetsa, ke a phedisa, ke a hlatha, ke a fodisa, ha ho ya ka namolelwang matsohong a ka.


“Le bontshitswe tsena hore le tsebe hore Morena ke yena Modimo, ha ho Modimo e mong kantle ho yena.


“Ka baka leo he, ho tloha ka letsatsi lena tsebang, mme le se ke la lebala hore Morena ke yena Modimo ya hodimo, lehodimong, le ya lefatsheng, katlase ho lefatshe. Ha ho na Modimo e mong.


“Mamela, Iseraele! Morena ke Modimo wa rona, ke yena Morena a le mong feela.


Ho Kgosi ya mehla yohle, ho Modimo ya sa shweng, ya sa bonweng, ya inotshi, e be hlompho le tlotla kamehla le mehla. A ho be jwalo!


Modimo o mong, le mmoelanyi pakeng tsa Modimo le batho o mong, e leng Kreste Jesu eo e leng motho,


ho Modimo ya inotshi, Mopholosi wa rona ka Jesu Kreste, Morena wa rona, e be tlotla, le boholo, le matla, le borena, tseo a bileng le tsona pele ho dinako, le jwale, le kamehla yohle. A ho be jwalo!


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos