Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




1 Bakorinthe 8:5 - BIBELE

5 Leha bahedene ba bitsa tse ding tse lehodimong kapa lefatsheng medimo, jwalokaha ba ena le medimo e mengata le marena a mangata,

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

5 Hobane leha ho le ba bitswang medimo mahodimong le lefatsheng — ho batho medimo e fela e le mengata, le marena a mangata —

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

5 Hobane leha ho ka ba teng ba bitswang medimo, leha e le mahodimong, leha e le lefatsheng, (jwalokaha ho le medimo e mengata, le marena a mangata),

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

5 Hobane leha ho ka ba teng ba bitswang medimo, leha e le mahodimong, leha e le lefatsheng, (jwalokaha ho le medimo e mengata, le marena a mangata),

Ver Capítulo Copiar




1 Bakorinthe 8:5
9 Referencias Cruzadas  

Palo ya medimo ya lona, lona baahi ba Juda, e kaalo ka palo ya metse ya lona; le palo ya dialetare tseo le di hahetseng ntho e hlabisang dihlong ena, e kaalo ka palo ya diterata tsa Jerusalema, e leng dialetare tseo ho tsona le tjhesetsang Baale mokubetso.


Na tjhaba se teng se kileng sa fetola medimo ya sona, le hoja medimo eo e ne le ya bohata? Empa tjhaba sa ka se anantse nna, nna Tlotla ya sona, sa nkananya ka medimo e se na thuso.


“E kae jwale medimo ya lona, medimo ya maiketsetso? A e ke e tle haeba e tseba ho le pholosa nakong ena ya lona ya ditsietsi! Palo ya metse ya hao, wena Juda, e lekana le palo ya medimo ya hao.


Ba nwa veine, ba rorisa medimo ya kgauta, le ya silefera, le ya lethose, le ya tshepe, le ya lehong, le ya lejwe.


Jwale ha ba phuthehile, Pilato a re ho bona: “Le rata ha ke le lokollela ofe, Barabase kapa Jesu ya bitswang Kreste?”


Nakong e fetileng, ka ho se tsebe Modimo, le ile la ba makgoba a tseo ka boleng ba tsona e seng medimo.


Morena Modimo wa lona, ke Modimo e moholo, ke Modimo wa medimo, ya matla, ya tshabehang. Ha a na leeme, ha a amohele tjotjo.


Yena o tla lwantsha, a iphahamisetse tsohle tse bitswang Modimo, tse kgumamelwang ke batho, hoo yena a tlang ho itulela ka Tempeleng ya Modimo, a iketse Modimo.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos