Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




1 Bakorinthe 8:4 - Contemporary Southern Sotho Bible 2024

4 Jwale malebana le ho jewa ha dintho tse hlabetsweng medimo ya bohata, re a tseba hore modingwana ha se letho lefatsheng, le hore ha ho Modimo o mong, haese o le mong feela.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

4 Jwale, ha e le ka ho ja dijo tse halbetsweng ditshwantsho, re a tseba hore setshwantsho hase letho lefatsheng, le hore ha ho Modimo o mong, haese o le mong feela.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

4 Ha ho le jwalo, tabeng ya ho ja tse hlabetsweng medimo ya bohata, re a tseba hore modimo wa bohata hase ntho e teng ho hang, le hore Modimo o mong feela.

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

4 Jwale malebana le ho jewa ha dintho tse hlabetsweng medimo ya bohata, re a tseba hore modingwana ha se letho lefatsheng, le hore ha ho Modimo o mong, haese o le mong feela.

Ver Capítulo Copiar




1 Bakorinthe 8:4
33 Referencias Cruzadas  

Jesu a mo araba, a re: Molao wa pele ho melao yohle ke o reng: Utlwa, Iseraele! Morena Modimo wa rona ke Morena a le mong:


Ba re: Benghadi, ke ka baka lang ha le etsa dintho tsee? Le rōna re batho ba nang le maikutlo a tšoanang le a lōna, ’me re le bolella litaba tse molemo hore le furalle lintho tsena tsa lefeela le fetohele ho Molimo o phelang, o entseng leholimo le lefatše le leoatle le lintho tsohle tse ho tsona.


Empa re ba ngolle hore ba ile ditshila tsa medimo ya bohata, le bohlola, le tse fenethilweng, le madi.


Hape, le a bona, mme le a utlwa hore Pauluse eo, e seng Efese feela, empa hoo e ka bang le Asia yohle, o kgodisitse bongata bo boholo, a ba a kgelosa, a re, medimo e entsweng ka matsoho hase yona.


Haele malebana le dintho tse hlabetsweng medimo ya bohata, re a tseba hore bohle re na le tsebo. Tsebo e a ikhohomosa, empa lerato lea haha.


Hobane ekare ha motho a ka o bona wena ya nang le tsebo, o dutse ka tlung ya tempele ya ditshwantsho, na letswalo la ya fokolang le ke ke la tiiswa ho ja tse hlabetsweng medimo ya bohata na?


Mme ka tsebo ya hao moena ya fokolang, eo Kreste a mo shwetseng, o tla timela?


Leha ho le jwalo, mehleng eo, ha le ne le sa tsebe Modimo, le ne le sebeletsa bao ka tlhaho e seng medimo.


Modimo o le mong, le Ntata bohle, o okametseng bohle, le ka tsohle, le ho lona bohle.


Joale ho Morena oa bosafeleng, ea sa shoeng, ea sa bonahaleng, Molimo a le mong feela, e be tlhompho le khanya ka ho sa feleng le kamehla. Amen.


Hobane Modimo o mong, le mmoelanyi o mong mahareng a Modimo le batho, ke Kreste Jesu motho;


Ho Modimo ya bohlale feela, Mopholosi wa rona, e be kganya, le boholo, le borena, le matla, jwale le kamehla yohle. Amen.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos