Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




1 Bakorinthe 8:3 - Contemporary Southern Sotho Bible 2024

3 Empa ekare ha motho a rata Modimo, yena o tsejwa ke wona.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

3 Empa ekare ha motho a rata Modimo, ke yena ya tsejwang ke wona.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

3 Empa haeba ho ena le ya ratang Modimo, yena o tsejwa ke yena.

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

3 Empa ekare ha motho a rata Modimo, yena o tsejwa ke wona.

Ver Capítulo Copiar




1 Bakorinthe 8:3
29 Referencias Cruzadas  

Jwale ke tla bolela ho bona, ke re: Ha ke eso le tsebe le ka mohla; ntloheleng, lona ba sebetsang bokgopo.


Ke ’na molisa ea molemo, ’me ke tseba linku tsa ka, ’me ke tsa ka li ntseba.


A re ho yena la boraro: Simone, mora Jona, a o a nthata na? Petrose a swaba ke ha a itse ho yena la boraro, a re: O a nthata na? A re ho yena: Morena, o tseba tsohle; o a tseba hobane ke a o rata. Jesu a re ho yena: Fepa dinku tsa ka.


Modimo ha o a lahla setjhaba sa wona seo o se tsebileng pele. Na ha le tsebe seo Lengolo le se bolelang ka Elia? kamoo a rapellang ho Modimo kateng, ho Iseraele, a re:


Hobane jwale re bona ka seipone, ka lerootho; empa mohlang oo, difahleho di tadimane; empa mohlang oo, ke tla tseba jwalokaha le nna ke tsejwa.


Empa jwalokaha ho ngodilwe, ho thwe: Tseo Modimo o di lokiseditseng ba o ratang, ke tseo leihlo le sa kang la di bona, tseo tsebe e sa kang ya di utlwa, tse sa kang tsa kena pelong ya motho.


Empa jwale, ka ha le tsebile Modimo, kapa haholo, le tsejwa ke Modimo, le ka boela la kgutlela jwang thutong e fokolang, e se nang molemo, eo le ratang ho boela le eba makgoba a yona?


Leha ho le jwalo, motheo wa Modimo o tiile, o nang le tiiso ena: Morena o tseba ba hae. Hape, e mong le e mong ya bolelang lebitso la Kreste a ke a furalle bokgopo.


Ho lehlohonolo motho ya mamellang moleko, hobane mohla a lekilweng, o tla newa moqhaka wa bophelo, oo Jehova a o tshepisitseng ba mo ratang.


Banabeso ba ratwang, mamelang: Na Modimo ha o a ka wa kgetha mafutsana a lefatshe lena hore e be barui ba tumelo, le majalefa a mmuso oo o o tshepisitseng ba o ratang na?


Eo le mo ratang, le eso ho mmone; eo, leha le sa mmone jwale, le dumetse ho yena, mme le thaba ka thabo e ke keng ya bolelwa, e tletseng kganya;


Re a o rata, hobane o re ratile pele.


Baratuwa, a re rataneng, hobane lerato le tswa ho Modimo; mme e mong le e mong ya ratang o tswetswe ke Modimo, mme o tseba Modimo.


Ke tseba mesebetsi ya hao, le moo o ahileng teng, e leng moo terone ya Satane e leng teng; mme o tiiseditse lebitso la ka, mme ha o a ka wa latola tumelo ya ka, mehleng eo Antipase e neng e le paki ya ka e tshepehang, ya ileng a bolawa hara lona, moo Satane a ahileng teng.


Ke tseba mesebetsi ya hao, le lerato la hao, le tshebeletso ya hao, le tumelo ya hao, le mamello ya hao, le mesebetsi ya hao; mme ba morao ba tla feta ba pele.


Ke tseba mesebetsi ya hao, le matshwenyeho a hao, le bofutsana ba hao, (empa o ruile), mme ke tseba le dinyefolo tsa ba ipitsang Bajuda, athe hase bona, empa e le sinagoge ya Satane.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos