Dipesaleme 3:3 - BIBELE3 ba bangata ba buang ka nna, ba re: “Modimo ha a na ho mo pholosa.” Ver CapítuloSesotho 1909/1961 (SO)3 Empa wena, Jehova, o thebe e ntshireletsang, o kganya ya ka, hlooho ya ka e eme ka wena. Ver Capítulo |
ho fihlela ke le isa naheng e kang ya lona, e leng naha e nang le koro le veine e ntjha; naha e nang le dijo le masimo a morara; naha e nang le ole ya mohlwaare le mahe a dinotshi, hore le tle le phele, le se ke la shwa. “ ‘Le se ke la mamela Hesekiya ha a ntse a le thetsa, a re: Morena o tla re namolela!
Ka letsatsi la mashome a mabedi a metso e supileng, ka kgwedi ya leshome le metso e mmedi, selemong sa mashome a mararo a metso e supileng sa ho kenngwa tjhankaneng ha Jehoyakine, kgosi ya Juda, Efile-Merodake, kgosi ya Babilona, a qala ho busa. A hauhela Jehoyakine, kgosi ya Juda, a mo lokolla tjhankaneng.