Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Mikea 4:5 - BIBELE

5 Tjhaba tsohle di sebeletsa medimo ya tsona, empa rona re tla sebeletsa Morena, re sebeletse Modimo wa rona kamehla le mehla.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

5 Hobane ditjhaba kaofela di tsamaya se seng le se seng ka lebitso la modimo wa sona, empa rona, re tla tsamaya ka lebitso la Jehova, Modimo wa rona, kamehla le mehla.

Ver Capítulo Copiar




Mikea 4:5
19 Referencias Cruzadas  

Ha Aborame a ena le dilemo tse mashome a robong a metso e robong, Morena a iponahatsa ho yena, a re: “Ke nna Modimo ya matla wohle; nkgahlise ka metsamao ya hao, mme o hloke kodi.


Leha ho le jwalo, setjhaba ka seng sa iketsetsa medimo ya sona, sa e bea ditempelaneng tse dibakeng tseo ho rapellwang medimo ya bohata ha tsona, tseo Basamaria ba neng ba di hahile. Setjhaba ka seng se ne se etsa jwalo metseng eo se neng se ahile ho yona.


Le kajeno-ya-bokajeno ba sa ntse ba phela ho ya ka meetlo eo ya bona ya pele. Ha ba hlomphe Morena, mme ha ba phethe ditaelo, kapa melao eo Morena a neng a e laele bana ba Jakobo, eo a neng a mo ree lebitso la Iseraele.


Re ke re etsetse tlholo ya hao ditlatse, re phahamise mekgele ka lebitso la Modimo, bitso la Modimo wa rona. Morena a ke a phethahatse dikopo tsohle tsa hao.


elang hloko lerako la yona, rako la yona la tshireletso, hlahlobang matlo a yona a bokgosi, le tle le phetele moloko o tlang, le re:


Ke tla bua ka tsa matla a hao, wena Morena, Morena wa ka, ke hopotse batho tsa ho loka ha hao, ho loka hoo e leng ha hao feela.


Lona ba ntlo ya Jakobo tloong, a re tsamayeng seding la Morena.


Oho, Morena Modimo wa rona, babusi ba bang ba kile ba re busa, empa ke bitso la hao feela leo re le tlotlang.


Oho, Morena, re o emetse, re tsamaya tseleng ya dikahlolo tsa hao; lebitso la hao le botumo ba hao ke tsona tseo re di labalabelang.


Ke tla etsa selekane sa kamehla yohle le setjhaba sena, e leng selekane sa hore ha nka ke ka kgaotsa ho se etsetsa tse molemo. Ke tla etsa hore se ntshabe ka dipelo tsa sona tsohle, e le hore se se hlole se mphuralla.


Matla a bona a tla tswa ho Morena, ba mo kgumamele, ba mo hlomphe,” ho rialo Morena.


Melokong e fetileng o ile a tlohella ditjhaba tsohle ho latela mekgwa ya tsona.


Ka baka lena, le tla mamela lentswe la Morena Modimo wa lona, le phethe melao ya hae, le ditaelo tsa hae, tseo ke le laelang tsona kajeno.”


Jwale, kaha le amohetse Kreste Jesu e le Morena, phelang mmoho le yena.


Eng kapa eng eo le e etsang kapa le e bolelang, le e etse lebitsong la Morena Jesu, mme ka yena le lebohe Modimo Ntata lona.


Haeba le bona hore ke ntho e mpe ho sebeletsa Morena, ikgetheleng hona kajeno hore na le tla sebeletsa mang: E ka ba medimo eo bo-ntata lona ba neng ba e sebeletsa ha ba le mose wane ho Noka, kapa medimo ya Baamore, bao le ahileng naheng ya bona. Empa ha e le nna le ba lelapa la ka re tla sebeletsa Morena.”


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos