Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Mikea 4:5 - Sesotho 1909/1961 (SO)

5 Hobane ditjhaba kaofela di tsamaya se seng le se seng ka lebitso la modimo wa sona, empa rona, re tla tsamaya ka lebitso la Jehova, Modimo wa rona, kamehla le mehla.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

5 Tjhaba tsohle di sebeletsa medimo ya tsona, empa rona re tla sebeletsa Morena, re sebeletse Modimo wa rona kamehla le mehla.

Ver Capítulo Copiar




Mikea 4:5
19 Referencias Cruzadas  

Eitse ha Abrame e se e le motho ya dilemo tse mashome a robileng mono o le mong a metso e robileng mono o le mong, Jehova a iponahatsa ho Abrame, a re ho yena: Ke nna Modimo o matla wohle. Tsamaya pela ka, o be kgabane;


Leha ho le jwalo, setjhaba se seng le se seng sa nna sa iketsetsa medimo ya sona, sa e emisa nqalong tse diphahameng tse neng di entswe ke Basamaria, setjhaba se seng le se seng sa e bea metseng eo se ahileng ho yona.


Le kajeno ba sa etsa ka mekgwa ya bona ya pele; ha ba tshabe Jehova, ha ba etse le ka melao yohle ya bona, leha e le ka mekgwa yohle ya bona, leha e le ka molao le ka taelo eo Jehova a e laetseng bara ba Jakobo, eo a mo reileng Iseraele;


Le jwale ke a tseba hobane Jehova o pholosa motlotsuwa wa hae; o tla mo araba a le lehodimong la hae le halalelang, ka diketso tse matla tsa letsoho la hae le letona.


Hobane Modimo oo ke Modimo wa rona kamehla le ka ho sa feleng; o tla re tsamaisa ho isa le lefung.


Ke tla tla, ke ntse ke bina diketso tsa hao tse phahameng; Morena Jehova, ke tla roka ho loka ha hao feela.


Tloong, ba ntlo ya Jakobo, a re tsamayeng leseding la Jehova!


Jehova, Modimo wa rona, re kile ra buswa ke marena a mang, e seng wena; empa ke ka wena feela re rapelang lebitso la hao.


Jehova, re o lebeletse ke hona tseleng ya dikahlolo tsa hao; lebitso la hao le kgopotso ya hao ke tseo meya ya rona e di lakatsang.


Ke tla etsa selekane se sa feleng le bona, sa hore nke ke ka ba furalla, ke nne ke ba etse hantle; ke tla bea tshabo ya ka dipelong tsa bona, ba tle ba se ke ba nkwenehela.


Ba setjhaba sa ka ke tla ba natlafaletsa ho Jehova, mme ba tla tsamaya ka lebitso la hae, ho bolela Jehova.


Mehleng e fetileng, o nnile wa lesa ditjhaba kaofela hore di tsamaye mekgweng ya tsona.


Utlwa ke hona lentswe la Jehova, Modimo wa hao, o boloke ditaelo tsa hae le melao ya hae eo ke o laelang yona kajeno.


Mme jwalokaha le amohetse Morena Jesu Kreste, le fele le tsamaye jwalo ho yena;


Mme seo le se etsang, leha e ka ba eng le eng, ka ho bua, kapa ka ho sebetsa, le etse tsohle ka lebitso la Morena Jesu, le ntse le leboha ka yena Modimo Ntate.


Empa ha le sa rate ho sebeletsa Jehova, ikgetheleng kajeno eo le tla mo sebeletsa, leha e ka ba medimo e sebeleditsweng ke bontata lona mose wane wa noka, kapa medimo ya Baamore, bao le ahileng fatsheng la bona. Haele nna le ba ntlo ya ka, re tla sebeletsa Jehova.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos