Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




1 Samuele 4:21 - BIBELE

21 Mosadi eo a rea ngwana eo lebitso la Ikabode, a re: “Tlotla e tlohile ho Baiseraele,” hobane ho hapilwe areka ya Modimo, ho shwele matsalae le monna wa hae.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

21 Ebile moo a reang ngwana lebitso la Ikabode (ya se nang letlotlo), ka ho re: Letlotlo le tlohile Iseraeleng; e le kahobane areka ya Modimo e hapilwe, le ka hobane matsalae le monna wa hae ba shwele.

Ver Capítulo Copiar




1 Samuele 4:21
12 Referencias Cruzadas  

Ba lahla tlotla ya Modimo, ba tlotlisa setshwantsho sa pohwana, ntho e jang jwang.


Morena, ke rata ntlo eo o ahileng ho yona, e leng sebaka seo tlotla ya hao e dulang ho sona.


Areka ya selekane sa hae a e tlohela, a e tlohella ho haptjwa, areka e bonahatsang tlotla ya hae ya wela matsohong a sera.


Baprista ba bona ba bolawa ka sabole, bahlolohadi ba se ke ba bina, ba bina kodi-ya-malla.


Na tjhaba se teng se kileng sa fetola medimo ya sona, le hoja medimo eo e ne le ya bohata? Empa tjhaba sa ka se anantse nna, nna Tlotla ya sona, sa nkananya ka medimo e se na thuso.


Bonang kamoo Morena a halefileng kateng! O sithabeditse Sione ka leru le letsholetsho! Tlotla ya Iseraele o e lahletse fatshe, a e lahlela fatshe e theoha lehodimong. Mohla tsatsi leo la kgalefo ya hae, ha a a ka a hopola bonamelo ba maoto a hae.


Leha ba ka hodisa bana ba bona, ke tla ba timetsa, ba hloke le thokolwana. Ba tla ba madimabe ha ke ba furalla!


Ahiya, mora wa Ahitube, ngwanabo Ikabode, mora wa Finease ya tswalwang ke Eli, moprista wa Morena, wa Shilo, o ne a apere setipe. Banna ba ne ba sa tsebe hore Jonathane o se a tsamaile.


“ ‘Se tla etsahala ho bara ba hao ba babedi, e leng Hofeni le Finease, e tla ba pontsho ho wena: Bobedi ba bona ba tla shwa ka letsatsi le le leng.


Ka letsatsi leo, ke tla etsetsa Eli tsohle tseo ke di buileng malebana le ntlo ya hae, ho tloha qalong ho isa qetellong.


Areka ya Modimo ya haptjwa; bara ba babedi ba Eli, e leng Hofeni le Finease, le bona ba bolawa.


A boela a re: “Tlotla e tlohile ho Baiseraele, hobane ho hapilwe areka ya Modimo!”


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos