La Biblia Online

Anuncios


Toda la Biblia A.T. N.T.




Hosea 3:1 - BIBELE

Morena a re ho nna: “Eya, o boelane le mosadi wa hao, le hoja a se a ratana le monna e mong, e se e le sefebe. O mo rate jwalokaha Morena a rata bana ba Iseraele, le hoja ba sebeletsa medimo esele, mme ba e nyehella ka diphaphatha tsa mangangajane a morara.”

Ver Capítulo

Sesotho 1909/1961 (SO)

Yaba Jehova o re ho nna: O boele o ye, o rate mosadi ya ratwang ke molekane wa hae, leha a feba, jwalokaha Jehova a rata bana ba Iseraele, leha bona ba retelehela ho medimo esele, mme ba rata dinkgwa tsa morara.

Ver Capítulo



Hosea 3:1
34 Referencias Cruzadas  

Jwale a abela e mong le e mong wa setjhaba sohle, le letshwele lohle la Baiseraele, banna le basadi, leqebekwane la bohobe, le leqa la nama e besitsweng, le leqebekwane la mangangajane a morara. Yaba setjhaba sohle se a qhalana, e mong le e mong o ya ha hae.


Morena a hauhela Baiseraele, a ba utlwela bohloko; a ba hlomohela ka lebaka la selekane sa hae le Aborahama, le Isaka, le Jakobo, mme a se ke a rata ho ba timetsa, leha e le ho ba furalla.


Yaba o abela monna e mong le e mong, le mosadi e mong le e mong wa Moiseraele senkgwa sa bohobe, le leqahadi la nama, le diphaphatha tsa mangangajane a morara.


Empa ka baka la mehauhelo e meholo ya hao, ha o a ka ba timetsa le ho ba furalla, hobane o Modimo ya lereko, ya mohau.


a jwaloka mahlo a bahlanka, a tadimileng letsoho la monga bona. Jwalokaha mahlo a lekgabunyane a tadimile letsoho la mofumahadi wa lona, le mahlo a rona a tadima Morena Modimo wa rona jwalo, ho fihlela a ka re hauhela.


Ka la hosasane ba tsoha ka madungwadungwana, ba nyehela ka mahlabelo a setjheso, ba tlisa le mahlabelo a teboho; setjhaba sa dula fatshe, sa eja, sa enwa; yaba se a ema, se a bapala.


Mmatlafatseng ka mangangajane a morara, le nkgathlolose ka ho mpha diapole, hoba rato ke lena le mphokodisitse.


“Sokolohelang ho nna, le tle le pholohe, lona dipheletso tsohle tsa lefatshe; ke nna Modimo, ha ho na e mong.


Empa jwaloka mosadi ya hlokang botshepehi, a bo hloke a ba a tlohele monna, le lona ba ntlo ya Iseraele le ntlohetse le ntlhoketse botshepehi.” ho rialo Morena.


Na ebe Efraime ke mora ka eo ke mo ratang? Na ebe ke yena ngwana ka ya nkgahlang? Leha ke ye ke mo nyatse, ke ntse ke mo hopola, pelo ya ka e mo hlolohelwa haholo, ke mo utlwela bohloko haholo,” ho rialo Morena.


“Wena Efraime, nka o lahla jwang? Wena Iseraele, ka neelana ka wena jwang? Nka o timetsa sa Adema jwang? Ka o etsisa Seboime jwang? Pelo ya ka e nkganela ho etsa jwalo, lerato la ka le a hlasimoloha.


Mma bona a na a iketsa seotswa, a itlontlolla ha a ba emola, a re: ‘Ke tla ikela le medingwana ya ka, yona e mphang dijo, e mphe le metsi, e mphang boya, e mphe le motsitla, e mphang ole, e mphe le dino tsa ka.’


ba ineeletse ho etsa bootswa.” “Veine e ntjha le veine ya molatsa e hlokisa tjhaba sa ka kelello.


Mohla mokete wa kgosi ya rona, ba tahisa mahosana, ba a nwesa veine, kgosi e etsise basomi ka ho nwa.


Kathoko ho aletare tsohle ba a robala, ba robale ka kobo tse beilweng paneng. Ka Tempeleng ya Modimo wa bona ba nwela veine eo ba lefilweng ka yona.


Veine ya lona le e nwa ka mopotjwana, le itlotse ka ditlolo tsa bohlokwa, empa ha le llele ho timetswa ha Josefa.


Empa nna ke tla lebella Morena, ke lebelle Modimo, Mopholosi wa ka; Modimo wa ka o tla nkutlwa.


“Ka baka leo, Morena o bua tjena: ‘Ke kgutletse Jerusalema ho tla e hauhela, mme Tempele ya ka e tla tsoswa,’ ho rialo Morena wa mabotho. ‘Le kgwele e methang e tla otlollelwa hodima Jerusalema,’ ho rialo Morena wa mabotho.


Jesu a re ho yena: “Motswalle, o tletseng moo?” Jwale ba tla ho Jesu, ba mo tshwara.


Ha le ka ke la nwela senwelong sa Morena le senwelong sa bademona. Ha le ka ke la jela tafoleng ya Morena le tafoleng ya bademona.


Le se ke la sebeletsa medimo ya bohata, jwaloka ba bang ba bona, hobane ho ngotswe, ho thwe: “Setjhaba sa dulela ho ja le ho nwa, sa nto ema sa bapala.”


Le bile le nako e lekaneng le ntse le phetha tse ratwang ke bahedene, ka ho phela ka bokgopo, ditakatso tse mpe, botahwa, botlofa dijong le dinong, le ka ditshebeletso tsa medimo ya bohata, tse sa dumeleheng.


Yaba ba lahla medimo e meng, ba sebeletsa Morena. Morena a hauhela Baiseraele ka baka la bosoto ba bona.


Ba ya masimong, ba kotula morara wa bona. Ba ritela veine, ba etsa mokete. Ba kena ka tempeleng ya modimo wa bona, ba eja, ba enwa, mme ba rohaka Abimeleke.