Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Eksoda 32:6 - BIBELE

6 Ka la hosasane ba tsoha ka madungwadungwana, ba nyehela ka mahlabelo a setjheso, ba tlisa le mahlabelo a teboho; setjhaba sa dula fatshe, sa eja, sa enwa; yaba se a ema, se a bapala.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

6 Hosasane ba tsoha e sa le hosasa, ba hlaba mahlabelo a ditjheso, ba hlahisa mahlabelo a teboho. Setjhaba sa dula fatshe ho ja le ho nwa, sa ntoo ema sa hobela.

Ver Capítulo Copiar




Eksoda 32:6
10 Referencias Cruzadas  

Arone ha a bona ntho ena, a haha aletare kapele ho namane ya kgauta, a howeletsa, a re: “Hosasane ke mokete wa Morena!”


Kathoko ho aletare tsohle ba a robala, ba robale ka kobo tse beilweng paneng. Ka Tempeleng ya Modimo wa bona ba nwela veine eo ba lefilweng ka yona.


Mekete ya lona e kgethehileng ke tla e fetola, ke e fetole, ke e etse ya bofifi, le dipina tsa lona tsohle e be kodi-ya-malla. Bohle ke tla ba apesa, ke ba apese tse mahwashe, ke ba kute, ke ba beole lekorana. Nako eo e tla ka ya ho lla, ho llela mora ya inotshi, qetello ya yona e ke tsatsi la mahlomola.


Baradi bana ba memela Baiseraele mahlabelong ao ba neng ba nyehella medimo eo ya bona ka wona. Setjhaba sa eja, sa kgumama kapele ho medimo eo ya bona.


Le se ke la sebeletsa medimo ya bohata, jwaloka ba bang ba bona, hobane ho ngotswe, ho thwe: “Setjhaba sa dulela ho ja le ho nwa, sa nto ema sa bapala.”


Baahi ba lefatshe ba tla di tlaka, ba thabe, ba romellane dimpho, hobane baporofeta bao ba babedi ba ne ba ile ba ba tshwenya haholo.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos