Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Jeremia 3:20 - BIBELE

20 Empa jwaloka mosadi ya hlokang botshepehi, a bo hloke a ba a tlohele monna, le lona ba ntlo ya Iseraele le ntlohetse le ntlhoketse botshepehi.” ho rialo Morena.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

20 Ruri, jwaloka mosadi ya jang molekane wa hae ka diteme, le ntjele jwalo ka diteme, lona, ntlo ya Iseraele, ho bolela Jehova.

Ver Capítulo Copiar




Jeremia 3:20
11 Referencias Cruzadas  

Pina tse tswang pheletsong tsa lefatshe re di utlwile: “Tlotla e ke e iswe ho Ya Lokileng!” Empa nna ke re: “Ke fedile! Ke fedile! A nna elwa!” Mahlabaphiyo a ntsa tswela pele ho eka, bohlabaphiyo ba wona bo ntse bo hatela pele!


Ha wa ka di utlwa le ho di utlwisisa; tsebe tsa hao haesale di thibane ho tloha kgale. Ke tseba hantle kamoo o leng maqiti kateng, o bitsitswe lehlabaphiyo ho tloha mohla o tswalwang.


Wena Morena, o lokile kamehla, ha ke bea nyewe ya ka kapele ho wena, o lokile, empa a nke ke bue le wena ka toka ya hao: Ke hobaneng ha ba kgopo ba atleha mererong ya bona? Ke hobaneng ha ba bolotsana ba phela ka boiketlo?


Ba ntlo ya Iseraele le ba ntlo ya Juda, ba ntlhoketse botshepehi haholo,” ho rialo Morena.


Morena a re ho nna: “Eya, o boelane le mosadi wa hao, le hoja a se a ratana le monna e mong, e se e le sefebe. O mo rate jwalokaha Morena a rata bana ba Iseraele, le hoja ba sebeletsa medimo esele, mme ba e nyehella ka diphaphatha tsa mangangajane a morara.”


Ha ba a ka ba tshepahala ho Morena, ba mo tswaletse bana, bana ba dikgaupane. Jwale etlare ha kgwedi e thwasa, ba timetswe le masimo a bona.”


Ba sentse selekane sa ka jwaloka motse wa Adamo, kahoo ba ntlhokela botshepehi.


Juda o hlokile botshepehi, dintho tse manyala di entswe naheng ya Iseraele le Jerusalema: Ka ho nyala moradi wa modimo osele, Juda o silafaditse Sehalalelo seo Morena a se ratang.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos