Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Jeremia 3:21 - BIBELE

21 Lentswe le llang le utlwahetse hodima maralla, e le dithapelo tsa bana ba Iseraele, hoba ba kgelohile ditsela tsa bona, ba lebetse Morena, Modimo wa bona.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

21 Lentswe le utlwahala dithoteng tse phahameng, ke dillo le merapelo ya bana ba Iseraele, hobane ba kgopamisitse tsela ya bona, ba lebetse Jehova, Modimo wa bona.

Ver Capítulo Copiar




Jeremia 3:21
24 Referencias Cruzadas  

O tla binela batho, ebe o re ho bona: ‘Ke entse sebe, ka kgopamisa ho loka, empa sebe seo sa ka ha ke a se otlelwa.


Motho wa nnete o tsamaya a sireletsehile, ya se nang nnete, yena o tla senolwa.


Bothoto ba motho bo timetsa bophelo ba hae, ka pelong ya hae a korotlele Morena.


Batho ba Dibone ba nyolohetse tempeleng ya bona, ba nyolohetse ho ya llela dibakeng tsa bona tsa borapedi; baahi ba Moabe ba llela Nebo le Medeba, ba ikutile lekorana, ba ipeotse le ditedu.


O lebetse Modimo, Mopholosi wa hao, ha o a hopola Lefika, qhobosheane ya hao, kahoo leha o ka lema difate tse ntlentle, wa lema le morara o tswang mafatsheng a mang;


“Eo le mo tshohang ke mang, eo le mo tshabang hakaale, ke mang, hoo le ileng la ntlhokela botshepehi, la ba la sitwa le ho nkgopola, kapa hona ho nnahana ka pelong tsa lona? Na hase hobane e le kgale ke kgutsitse, ha e le moo le se le sa ntshabe?


Maralla wohle a lehwatateng a nyeunya basenyi, hobane sabole ya Morena e tla timetsa tsohle, e timetse dipheletso tsohle tsa lefatshe, ha ho le ya mong ya tla phela ka kgotso.


Lena ke lona lefa la hao, ke seabo seo ke se abetseng wena, hobane wena o ila ntebala, wa itshepela medimo ya bohata,” ho rialo Morena.


Empa tjhaba sa ka se ile sa ntebala, sa tjhesa mokubetso, sa o tjhesetsa medimo ya bohata; medimo ena e entse hore se be se kgoptjwe, se kgoptjwe ha se tsamaya tseleng tsa sona, ha se tsamaya tseleng tsa boholoholo; ya se hlahlathedisa tseleng tse kathoko, tse sa batallang, tse tletseng makukuno.


Na morwetsana a ka lebala mekgabiso ya hae, monyaduwa a lebala aparo tsa hae? Empa tjhaba sa ka sona se ntebetse, se ntebetse ka ditshiu di se na palo!


“Phahamisa mahlo o tadime maralleng; ke kae moo o sa kang wa etsa bootswa teng? O ila emela banna kathoko ho tsela, wa ba lalla sa Moarabia lehwatateng. O silafaditse naha ka bootswa ba hao, wa e silafatsa le ka bokgopo ba hao.


Ba tla kgutla ba itshela ka dikgapha, ke ba etelle pele, bona ba ntse ba rapela. Ke tla ba tsamaisa pela melatswana e phallang, tseleng e bataletseng, moo ba ke keng ba kgoptjwa, hobane nna ke ntata Iseraele, Efraime ke mora wa ka, mora wa matsibolo.


“ ‘Wena Jerusalema, beola moriri wa hao, o o lahle, bina kodi-ya-malla hodima maralla, hobane Morena, ka baka la kgalefo ya hae, o lahlile, a furalla moloko o mo halefisitseng.


“Ka baka lena, Morena Modimo o bua tjena: Kahobane o ile wa ntebala, wa mphuralla, o tla jara molato wa bohlola ba hao le bootswa ba hao.”


Bohle ba tla phonyoha ba tla balehela dithabeng, ba kuruetse sa maeba a dikgohlo, motho ka mong a llele dibe tsa hae.


Ka ba fepa, ba eja, ba ba ba kgora; yare ha ba kgotshe ba qala ho ikgohomosa, kahoo yaba ba se ba ntebala.


Iseraele o lebetse Mmopi wa hae, a haha matlo a dikgosi tsa hae; Juda o hahile metse e mengata, metse e haheleditsweng, empa metse eo ke tla e tjhesa ka mollo, o tjhese matlo a yona a bokgosi.”


Lona baetapele ba ntlo ya Jakobo, mamelang! Lona babusi ba ntlo ya Iseraele, mamelang! Tsohle tse lokileng le a di nyedisa, tsohle tse nepahetseng le di sokamise.


Lengeloi la Morena la re ho yena: “Ke hobaneng ha o shapile tonki ya hao ka makgetlo a mararo? Bona mona, ke tlile ho tla o thibela, hobane, tsela ya hao e isa timelong.


Ho swaba ka mokgwa oo Modimo a o ratang ho hlahisa pako e se nang boikwahlayo, e isang pholohong; athe ho swaba ka mokgwa oo lefatshe le o ratang ho tlisa lefu.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos