Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




1 Bakorinthe 10:7 - BIBELE

7 Le se ke la sebeletsa medimo ya bohata, jwaloka ba bang ba bona, hobane ho ngotswe, ho thwe: “Setjhaba sa dulela ho ja le ho nwa, sa nto ema sa bapala.”

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

7 Mme le se ke la fetoha ba rapelang ditshwantsho, jwaloka ba bang hara bona; kamoo ho ngodilweng kateng, ho thwe: Setjhaba sa dulela ho ja le ho nwa, sa ntoo ema, sa bapala.

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

7 Le gone lo se ka lwa nna baobamedi ba medimo ya disetwa, jaaka bangwe ba bone; jwalokaha ho ngodilwe, ho thwe: Batho ba dutse ho ja le ho nwa, mme ba ema ho bapala.

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

7 Le gone lo se ka lwa nna baobamedi ba medimo ya disetwa, jaaka bangwe ba bone; jwalokaha ho ngodilwe, ho thwe: Batho ba dutse ho ja le ho nwa, mme ba ema ho bapala.

Ver Capítulo Copiar




1 Bakorinthe 10:7
14 Referencias Cruzadas  

Ha Joshua a utlwa lerata la setjhaba ha se ntse se howeletsa, a re ho Moshe: “Ho na le lerata la ntwa diahelong!”


Ha a atamela diahelong, mme a bona namane le metjeko, kgalefo ya Moshe ya tlokoma. A ptjatlanya matlapa a matsohong a hae fatshe, a a pshatlela mosikong wa thaba.


A nka masale ao matsohong a Baiseraele, a a qhibidihisa, a bopa namane ya kgauta ka wona. Yaba ba re: “Ona ke wona modimo wa hao, wena Iseraele, o o nyolotseng naheng ya Egepeta!”


Ba mpe ba ngollwe hore ba ile tse silafaditsweng ke medimo ya bohata, le bohlola, le dintho tse fenethilweng, le madi,


Ka baka leo, baratuwa ba ka, furallang tshebeletso ya medimo ya bohata.


Empa seo ke neng ke se bolela ke hore le se ke la tlwaelana le motho ya ipitsang modumedi, feela e le sehlola, kapa setlofa, kapa mosebeletsi wa medimo ya bohata, kapa motho ya ditlhapa, kapa letahwa, kapa senokwane. Le se ke la ba la ja le wa mofuta oo.


Kapa na ha le tsebe hore ba kgopo ba ke ke ba eja lefa la Mmuso wa Modimo? Le se ke la ithetsa: dihlola, le basebeletsi ba medimo ya bohata, le difebe, le ba janang maotwana,


Empa hase bohle ba nang le tsebo ena. Ba bang, ka baka la ho tlwaela medimo ya bohata, le kajeno-ya-bokajeno ba ntse ba eja tse hlabetsweng medimo ena, ka ho dumela hore ke dijo tsa mahlabelo. Ka ho tshaba ha matswalo a bona, ba ikutlwa ba silafetse;


“Morena a re ho nna: ‘Ema, o tlohe mona, o theohe kapele, hobane setjhaba sa hao, seo o se ntshitseng naheng ya Egepeta, se entse bobe. Se kgelohile ka potlako tseleng eo ke se laetseng ho tsamaya ka yona. Se se se ipopetse modimo ka kgauta.’


Bana ba ka, itlhokomeleng medimong ya bohata.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos